DIPESALEME 138 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Modimo, mophethi wa tsohle. Pesaleme ya Davida.

1Ke tla o rorisa ka pelo ya ka yohle, ke o roke pela medimo;

2ke o kgumamele pela ntlo ya hao e halalelang, ke roke lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le la nnete ya hao, hobane o phethile dipallo tsa hao ka diketso tse fetisang botumo ba hao kaofela.

3Eitse ha ke bitsa, wa nkaraba, wa nnatlafatsa, matla a kena moyeng wa ka.

4Jehova, marena wohle a lefatshe a tla o rorisa, ha a utlwa mantswe a tswileng molomong wa hao,

5a tla roka ditsela tsa Jehova, hobane kganya ya Jehova e kgolo.

6Jehova o phahamile, o bona ba ikokobetsang, mme o tsebisisa baikakasi ba sa le hole.

7Leha ke tsamaya hara matswalo, o tla mphedisa, o tla qobisa bohale ba dira tsa ka ka letsoho la hao, letsoho le letona la hao le mpholose.

8Jehova o tla phetha tsohle sebakeng sa ka. Jehova, mohau wa hao ke o sa feleng. O se ke wa tlohela mesebetsi ya matsoho a hao.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help