II SAMUELE 13 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Amnone, mora Davida, o beta kgaitsedi ya hae Tamare. — Amnone o bolawa ke bahlanka ba Absalome. — Absalome o a baleha, o boela a hauhelwa.

1Absalome, mora Davida, o ne a na le kgaitsedi e ntle, e bitswang Tamare; mme Amnone mora Davida, a mo rata.

2Amnone a tsieleha, a ba a kula ka baka la Tamare, kgaitsedi ya hae; kahobane e be e sa ntsane e le morwetsana, Amnone a sitwa ho mo etsa letho.

3Amnone o ne a na le motswalle, lebitso la hae e le Jonadabe, mora Shimea, ngwanabo Davida. Jonadabe e ne e le motho ya bohlale haholo.

4A re ho Amnone: O otelang hakalo, ngwana morena, ka tsatsi le leng le le leng? Ha o ntsebise keng na? Amnone a re ho yena: Ke rata Tamare, kgaitsedi ya ngwaneso Absalome.

5Jonadabe a re ho yena: Robala diphateng tsa hao, o iketse ya kulang, mme ntatao ha a tla o bona, e re ho yena: Ha ho tle Tamare, kgaitsedi ya ka, mme a mphepe, a mphehele dijo pela mahlo a ka, ke tle ke di tadime, mme ke di je diatleng tsa hae.

6Yaba Amnone o robala, a iketsa ya kulang. Morena ha a tla mmona, Amnone a re ho morena: Ho ke ho tle Tamare, kgaitsedi ya ka, a ke a nketsetse maqebekwane a mabedi pela mahlo a ka, ke tle ke a je diatleng tsa hae.

7Yaba Davida o romela ho Tamare hae, ka ho re: Eya ha Amnone, kgaitsedi ya hao, o mo phehele dijo.

8Kahoo, Tamare a ya ha Amnone, kgaitsedi ya hae, a mo fihlela a robetse; a nka hlama, a e duba, a mo etsetsa maqebekwane pela mahlo a hae, a a pheha.

9A ba a nka pane, a a tshola pela hae, Amnone a mpa a hana ho ja. Amnone a re: E mong le e mong a ke a tswe mona ho nna. Ba tswa kaofela pela hae.

10Jwale Amnone a re ho Tamare: Tlisa dijo phaposing e kahare, ke tle ke di je diatleng tsa hao. Yaba Tamare o nka maqebekwane ao a a phehileng, a a tlisetsa Amnone, kgaitsedi ya hae, phaposing e kahare.

11A re a sa a beile pela hae hore a a je, Amnone a mo tshwara, a re ho yena: Tloo, kgaitsedi ya ka, o robale le nna.

12Eo a re: Tjhe, kgaisedi ya ka, o se ke wa nketsa ka matla, hobane hoo hase ho ka etswang Iseraeleng; o se ke wa etsa manyala ao.

13Ke tla isa dihlong tsa ka kae? Le wena, o ka ba ntho e kang le leng la mahlanya a Iseraeleng. Bua le morena, a ke ke a o hanela le nna.

14Amnone a hana ho mo utlwa, a mmeta, a mo hlola, a ba a robala le yena.

15Jwale, Amnone a mo hloya ka hloyo e fetisisang, a mo hloya ka hloyo e kgolo ho lerato leo a neng a mo rata ka lona pele. Yaba Amnone o re ho yena: Tloha, o ikele.

16Tamare a re ho yena: O se ke wa etsa ka ho nteleka bobe bo bong bo boholo, bo fetang boo o seng o nkentse bona. A mpa a hana ho mo utlwa;

17a bitsa mohlanka wa hae ya mo sebeletsang, a re: Lelekela mosadi eo ntle, a tlohe pela ka, o mo kwalle lemati.

18Tamare o ne a na le kobo e mebalabala, hobane e ne e le sona seaparo se aparwang ke baradi ba morena ha e ntse e le barwetsana. Yaba mohlanka wa Amnone o mo ntshetsa ntle, a mo kwalla lemati.

19Tamare a ithuntshetsa melora hloohong, a hahola le kobo e mebalabala eo a e apereng, a bea letsoho la hae hloohong ya hae, a ikela a ntse a bokolla.

20Yaba Absalome, kgaitsedi ya hae, o re ho yena: Na Amnone, kgaitsedi ya hao, o kile a ba le wena na? Oho, kgaitsedi ya ka, o ke o kgutse jwale, hobane ke kgaitsedi ya hao; o se ke wa hlabeha ke taba eo pelong ya hao. Yaba Tamare o ya dula ha Absalome, kgaitsedi ya hae, a hlomohile.

21Morena Davida, ha a utlwa taba tseo tsohle, a halefa haholo.

22Absalome yena a mpa a se ke a bua ho Amnone ka taba e mpe, kapa e ntle, kahobane Absalome a ne a hloile Amnone, kahobane a betile kgaitsedi ya hae Tamare.

23Eitse hobane ho fete dilemo tse pedi, Absalome a ba le bakuti Baale-Hatsore, naheng ya Efraime, mme Absalome a memela bara bohle ba morena teng.

24Absalome a tla ho morena, a re: Bona, mohlanka wa hao o na le bakuti; morena a ke a tle hle le bahlanka ba hae ha mohlanka wa hao.

25Morena a re ho Absalome: Tjhe, mora ka, re ke ke ra ya kaofela, esebe ra o imetsa. Leha a ne a mo phehella, a hana ho ya; feela a mo hlohonolofatsa.

26Absalome a re: Ha o sa tle, ngwaneso Amnone a ke a tle le rona. Morena a re ho yena: A eleng le wena?

27Absalome a mo phehella, Davida a ba a re, Amnone le bara bohle ba morena ba ye le yena.

28Jwale, Absalome a laela bahlanka ba hae, a re: Le ke le bone pelo ya Amnone ha e thabile ke veine; etlere ha ke re ho lona: Bolayang Amnone, le ke le mmolaye; le se ke la tshaba; ha ke re, ke nna ke le laelang? Itiiseng, le etse ka senna.

29Yaba bahlanka ba Absalome ba etsa ka Amnone kamoo Absalome a laetseng kateng; mme bara bohle ba morena ba tsoha, ba kalla e mong le e mong esele ya hae, ba baleha.

30Ha ba sa le tseleng, taba tseo tsa fihla ho Davida, ha thwe: Absalome a bolaile bara bohle ba morena; ha ho a ka ha tlola le a mong.

31Ebile morena o a ema, a hahola diaparo tsa hae, a robala fatshe; le bona bahlanka bohle ba hae ba tla, ba ema pela hae, ba hahotse diaparo tsa bona.

32Jonadabe, mora Shimea, ngwanabo Davida, yena a bolela, a re: Monga ka a se ke a lekanya hore bahlankana bohle, bara ba morena, ba bolailwe; ho shwele Amnone a nnotshi; e bile ka morero o neng o rerwe ke Absalome haesale Amnone a senya kgaitsedie Tamare.

33Jwale, morena, monga ka, a se ke a lekanya hore ekaba ho shwele bara bohle ba morena; ho shwele Amnone a nnotshi.

34Haele Absalome yena, a baleha.

Yaba mohlanka ya lebelang, ha a emisa mahlo ho tadima, a bona ho hlaha batho ba bangata ba tsamayang ka tsela e sikang le thaba.

35Yaba Jonadabe o re ho morena: Bara ba morena ke bao ba fihlang, ho fela ho le jwalokaha ho boletse mohlanka wa hao.

36A re a sa qetella puo, ha fihla bara ba morena, ba lla, ba bokolla; le yena morena a lla, le bahlanka bohle ba hae ba lla haholoholo.

37Haele Absalome a baleha, a ya ha Talmai, mora Amihure, morena wa Geshure. Mme Davida a nna a llela mora hae ka ditshiu tsohle.

38Absalome ha a baleha, a ya Geshure, a dula teng dilemo tse tharo.

39Morena Davida a hlolohelwa Absalome, hobane o ne a tshedisehile bakeng sa ho shwa ha Amnone.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help