DIPROVERBIA 13 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Ngwana ya bohlale o hlokomela thuto ya ntatae; empa mosomi ha a ele tayo sedi.

2Motho o kgoriswa molemo ke tholwana tsa molomo wa hae; empa ba bolotsana bona ba tla ja tshenyeho.

3Ya itebelang molomo o boloka moya wa hae; empa ya ntseng a bua haholo o tla wela timelong.

4Pelo ya sekgoba e lakatsa kamehla, leha ho le jwalo, ha se rue letho; empa moya wa sekgothadi o a nona.

5Ya kgabane o hloile polelo tsa leshano; empa ka tsona e mobe o ipatlela dihlong le nyediso.

6Ho loka ho boloka ya lokileng tseleng tsa hae; empa bokgopo bo dihela moetsadibe.

7O teng e mong ya iketsang morui, athe ha a na le letho; e mong o iketsa mofumanehi, athe o ruile haholo.

8Leruo la motho le ka lopolla bophelo ba hae; empa mofutsana yena a ke ke a qalwa ke dira.

9Lesedi la ba lokileng ke thabo; empa lebone la ba babe le a tima.

10Boikgohomoso bo hlahisa phapang feela; empa bohlale bo ho ba mamelang keletso.

11Maruo a batlilweng ka mano a tla nne a qephe; empa ya a bokellang ka ho sebetsa, o tla atelwa ke wona.

12Tshepo ha e dieha ho phetheha, e babisa pelo; empa ha ho hlaha seo motho a se dumang, ke sefate sa bophelo.

13Ya nyedisang lentswe o a itahla; empa ya tshabang molao o tla putswa.

14Thuto ya motho ya bohlale ke sediba sa bophelo ho phephisa batho mamena a lefu.

15Motsamao o kgabane wa motho ya molemo o a kgahleha; empa tsela ya ba bolotsana e thata.

16Motho ya masene o etsa tsohle ka tsebo; empa ya lewatla o tsebahatsa bowatla ba hae.

17Moromuwa e mobe o kudisa batho; empa moromuwa ya tshepehang o a fodisa.

18Bofuma le dihlong ke tsa ya hanang ho lauwa; empa ya amohelang kgalemelo o tla hlomphuwa.

19Takatso ha e phethehile e monate pelong, mme ho furalla bobe ke manyala ho mawatla.

20Ya tsamayang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ya tlwaelaneng le mawatla o tla senyeha.

21Ditlokotsi di phallela baetsadibe; empa lehlohonolo ke moputso ho ba lokileng.

22Motho e motle o siela ditloholo tsa hae lefa; empa maruo a moetsadibe a tla fuwa motho ya lokileng.

23Tshimo ya mofutsana e bea dijo tse ngata; tshimo e nngwe e a nyopa ha e ruilwe ke ya hlokang ho loka.

24Ya hlokisang mora wa hae thupa, o mo hloile; empa ya mo ratang o mo laya a sa le monyenyane.

25Motho ya lokileng o a ja, a kgore hantle; haele dimpa tsa ba babe, di tla lapa.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help