I MARENA 22 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Akabe o bolawa a futuhetse Basiria.

1Ha feta dilemo tse tharo, ho se ntwa mahareng a Basiria le Baiseraele.

2Ka selemo sa boraro, Josafate, morena wa Juda, a theohela ho morena wa Iseraele.

3Morena wa Iseraele a re ho bahlanka ba hae: Ana ha le tsebe hobane Ramothe-Gileade ke wa rona; re kgutseditseng, re sa o amohe morena wa Siria?

4A ba a re ho Josafate: Na o tla ya le nna ho lwantsha Ramothe-Gileade na? Josafate a re ho morena wa Iseraele: Ke ka wena, le setjhaba sa ka se ka setjhaba sa hao, le dipere tsa ka di ka dipere tsa hao.

5Hape, Josafate a re ho morena wa Iseraele: Ako botse molomo wa Jehova pele.

6Morena wa Iseraele a bokanya baporofeta, ba batla ba eba makgolo a mane; a re ho bona: Hleka ke tla futuhela Ramothe-Gileade, kapa ke lese na? Ba re ho yena: Nyoloha, hobane Morena o tla o neela matsohong a morena.

7Yaba Josafate o re: Ana ha ho sa le moporofeta wa Jehova mona, eo re ka botsang Jehova ka yena na?

8Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ho sa na le monna e mong, eo re ka botsang Jehova ka yena, ke Mikea, mora Jimla, empa ke mo hloile, kahobane ha a mporofetele molemo, empa e le bobe. Josafate a re: Morena a se ke a bua jwalo.

9Ebile morena wa Iseraele o bitsa tona e nngwe, a re: Phakisa o mpitsetse Mikea, mora Jimla.

10Morena wa Iseraele le Josafate, morena wa Juda, ba ne ba dutse e mong le e mong teroneng ya hae, ba apere dikobo tsa bona tsa borena, lepatlelong le pela kgoro ya Samaria; baporofeta bohle ba ne ba porofeta pela bona.

11Tsedekia, mora Kenaana, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, a re: Ho itswe ke Jehova: Ka tsena o tla thula Basiria, o be o ba qete.

12Baporofeta bohle ba ne ba porofeta jwalo, ba re: Nyolohela Ramothe-Gileade; o tla atleha, hobane Jehova o o neetse matsohong a morena.

13Haele lenqosa le ileng ho bitsa Mikea, la re ho yena: Bona, baporofeta ba lentswe le le leng ho bolella morena molemo; ke re, le la hao lentswe le be jwaloka mantswe a bona, o bolele molemo.

14Mikea a re: Ka Jehova ya utlwang, seo Jehova a tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se bolela.

15Yaba o fihla ho morena; morena a re ho yena: Mikea, ana re tla ya lwantsha Ramothe-Gileade, kapa re lese na? Yena a re: Nyoloha, o atlehe; Jehova o tla o neela matsohong a morena.

16Morena a re ho yena: Ke tla o antsha hakae, hore o mpolelle nnete feela ka lebitso la Jehova?

17Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, eka dinku tse se nang modisa. Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a boele ha hae ka kgotso.

18Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ana ha ke a ka ka o bolella, ka re, a ke ke a mporofetela molemo, e tla ba bobe feela na?

19 Mikea a re: Mamela polelo ya Jehova ke hona; Ke bone Jehova a dutse teroneng ya hae, le makgotla wohle a mahodimo a eme pela hae ka ho le letona le ho le letshehadi.

20Jehova o itse: Ke mang ya tla thetsa Akabe, hore a ye ho bolaelwa Ramothe-Gileade? E mong o buile ka hore, e mong ka hore.

21Jwale, ho tlile moya o mong, wa ema pela Jehova, wa re: Ke nna ke tla mo thetsa.

22Jehova a re ho wona: Ka mokgwa ofe? Wa re: Ke tla ya ke be moya wa leshano melomong ya baporofeta bohle ba hae. A re: O tla mo thetsa, o hlole; tsamaya, o etse jwalo.

23Bona jwale, Jehova o kentse moya wa leshano melomong ya baporofeta bana bohle ba hao; athe Jehova o boletse kotsi hodima hao.

24Tsedekia, mora Kenaana, a atamela, a jabela Mikea lerameng, a re: Moya wa Jehova o no o ye ka tsela efe, mohla o ntlohelang hore o ye ho bua le wena?

25Mikea a re: Ho bona, o tla bona tsatsing leo, mohla o tla itswaketsa phaposing e nngwe le e nngwe o tle o ipate.

26Yaba morena wa Iseraele o re: Tshwarang Mikea, le mo ise ho Amone, mong a motse, le ho Joase, mora morena,

27le re: Ho thwe ke morena: Kenyang monna eo teronkong, le mo fepe bohobe ba matshwenyeho le metsi a matshwenyeho, ke be ke boye ka kgotso.

28Mikea a re: Ha o ka boya ka kgotso, etlaba Jehova ha a ka a bua ka nna. Hape a re: Utlwang tsena, lona, setjhaba sohle.

29Ebile morena wa Iseraele le Josafate, morena wa Juda, ba futuhela Ramothe-Gileade.

30Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Nke ke ikgakanye, ke ye jwalo ntweng; wena, o apare kobo tsa hao. Ebile morena wa Iseraele o ikgakanya, a ya ntweng.

31Haele morena wa Siria, o ne a laetse balaodi ba makoloi a hae ba mashome a mararo a metso e mmedi, a re: Le se ke la lwantsha e monyenyane, leha e le e moholo, haese morena wa Iseraele a nnotshi.

32Eitse ha balaodi ba makoloi ba bona Josafate, ba re: Ruri morena wa Iseraele ke eo. Ba kgelohela ho ya mo lwantsha, empa Josafate a meketsa.

33Balaodi ba makoloi, ha ba bona hobane hase morena wa Iseraele, ba mo kgutlela.

34Jwale monna e mong a fula ka seqha sa hae, a sa kgethe; athe o hlaba morena wa Iseraele makopanong a tshireletso ya sefuba. Yaba Akabe o re ho ya tsamaisang koloi ya hae: Sokolla koloi, o ntlose ntweng, hobane ke hlabilwe.

35Ntwa ya befa tsatsing leo, morena yena a emiswa koloing ya hae, mabapa le Basiria. Yare mantsiboya a shwa, madi a tswang leqebeng la hae a ntse a dutlela ka koloing.

36Letsatsi ha le batla ho dikela, ha howeletswa diphafeng, ha thwe: E mong le e mong a boele motseng wa habo, e mong le e mong a boele naheng ya hae.

37Morena a shwa jwalo; a iswa Samaria, mme morena a patwa Samaria.

38Koloi ya hae ya hlatsuwa letsheng la Samaria, moo diotswa di tolang, mme dintja tsa nyeka madi a hae, jwalokaha Jehova a ne a boletse.

39Haele taba tse ding tsa Akabe, le tsohle tseo a di entseng, le ntlo ya manaka a ditlou eo a e hahileng, le metse yohle eo a e hlomileng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

40Akabe a orohela jwalo ho bontatae, mme mora hae, Akasia, ya eba morena tulong tsa hae.

Josafate, morena wa Juda. — Akasia, morena wa Iseraele.

41Haele Josafate, mora Asa, a qala ho busa Juda, ka selemo sa bone sa Akabe, morena wa Iseraele.

42Josafate o ne a le dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano, ha a qala ho busa: A busa Jerusalema ka lemo tsa mashome a mabedi a metso e mehlano. Lebitso la mmae e ne e le Asuba, moradi wa Shilki.

43A tsamaya ka mehlala yohle ya ntatae Asa, a se ke a e kgeloha, a etsa tse lokileng mahlong a Jehova.

44Leha ho le jwalo, nqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa; setjhaba sa nna sa hlahisa mahlabelo, sa tjhesa dibano nqalong tse diphahameng.

45Josafate a nna a dula ka kgotso le morena wa Iseraele.

46Haele taba tse ding tsa Josafate, le matla ao a entseng ka wona, le kamoo a lwanneng kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

47Ba setseng ba Basodoma, ba neng ba siilwe mehleng ya ntatae Asa, a ba fiela naheng.

48Ha bo ho se morena Edomo mohlang oo ya busang teng, e ne e le mmusisi.

49Josafate a etsa dikepe tsa Tarshishe, tsa ho ya Ofire ho lata kgauta; empa ha di a ka tsa ya hobane dikepe tsa eshwa Etsione-Gebere.

50Akasia, mora Akabe, a re ho Josafate: Bahlanka ba ka ha ba ke ba ye dikepeng le bahlanka ba hao; empa Josafate a se ke a dumela.

51Josafate a ntoo orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa Davida, ntatae; mme mora hae, Jorame, ya eba morena tulong tsa hae.

52Haele Akasia, mora Akabe, a qala ho busa Iseraele Samaria, ka selemo sa leshome le metso e supileng sa Josafate, morena wa Juda: a busa Iseraele ka lemo tse pedi.

53A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka mehlala ya ntatae, le ka mehlala ya mmae, le ka mehlala ya Jeroboame, mora Nebathe, ya sebisitseng Iseraele.

54Le yena a sebeletsa Baale, a mo kgumamela, a halefisa Jehova, Modimo wa Iseraele, ka tsohle tseo le ntatae a neng a mo halefisitse ka tsona.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help