DIPESALEME 69 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Thapelo ya motho ya leng mahlomoleng.Ho monga baphokodi. Ka pina ya Shoshanime (mehaladitwe). Pesaleme ya Davida.

1Modimo, mpoloke! hobane metsi a batla ho nka bophelo ba ka!

2Ke tetebetse mokoting wa diretse, seretse se nyebella tlasa maoto a ka; ke tetebetse metsing a bodiba; maqhubu a wona a nkimela.

3Ke kgathaditswe ke ho howa, mmetso wa ka o omeletse; mahlo a ka a fifala, ha ke ntse ke lebeletse Modimo wa ka.

4Ba ntlhoileng feela ba bangata ho feta diqoba tsa moriri wa hlooho ya ka; bao e leng dira ho nna feela, ba ratang ba ka mpolaya, ba matla haholo; ke lefiswa le seo ke sa se utswang.

5Oho Modimo, o tseba diphoso tsa ka, le ditlolo tsa ka ha di a pateha ho wena.

6Morena, Jehova wa makgotla, ba o tshepang ba se ke ba hlajwa ke dihlong ka baka la ka; Modimo wa Iseraele, ba o batlang ba se ke ba swaba ka baka la ka.

7Hobane ke ka baka la hao ke jereng ditshomo; sefahleho sa ka se kwahetswe ke dihlong.

8Ke fetohile osele ho banabeso, ya sa tsejweng ho bara ba mme.

9Hobane tjheseho ya ntlo ya hao e ntjele, mme dinyefolo tsa ba o nyefolang di nkwela hodimo.

10Ha ke ntse ke lla ke itima dijo, hoo ho mphetohela nyediso;

11ha nka ikapesa ka lesela le mahwashe le teng ke tsosa ditshomo tsa bona.

12Ke entswe sesomo sa ba dutseng kgorong, matahwa a mpina ka dipina.

13Haele nna, thapelo ya ka e nyolohela ho wena, Jehova, nakong e tshwanelehang. Oho Modimo, o nkarabe ka bongata ba mehauhelo ya hao, ka nnete ya poloko ya hao.

14O nnyolle diretseng, mme o se ke wa ntesa ka tetebella teng, ke be ke bolokwe ho ba ntlhoyang le bodibeng ba metsi,

15ke se ke ka imelwa ke maqhubu a wona, ke se ke ka hohlometswa ke bodiba, lebitla le se ke la kopetsa molomo wa lona hodima ka.

16Nkutlwe, Jehova, hobane mohau wa hao o molemo; o retelehele ho nna ka mehauhelo ya hao e meholo,

17mme o se ke wa patela mohlanka wa hao sefahleho sa hao, hobane ke matswalong; phakisa o nkarabe!

18Atamela moya wa ka, o o boloke; o ntopolle ka baka la boithoriso ba dira tsa ka!

19O tseba sekgobo sa ka le dihlong tsa ka le ho nyefolwa ha ka; ba ntwantshang ba pela mahlo a hao kaofela.

20Dinyefolo di robile pelo ya ka, ke bohloko haholo; ke lebeletse ba nkgauhelang, mme ba hlokahetse; ka batla le batshedisi, mme ha ke bone le a mong.

21Ba nneile nyoko e be dijo tsa ka, mme ho nyorweng ha ka ba nnositse asene.

22Tafole ya bona a e ke e ba fetohele lemena le sefi boiketlong ba bona!

23Mahlo a bona a ke a ntshofale, a lese ho bona; matheka a bona a ke a kgwehle kamehla!

24O tshollele bohale ba hao hodima bona, mollo wa kgalefo ya hao o ba fihlele!

25Meaho ya bona e ke e fetohe dithako, ho se ke ha eba motho ya dulang ditenteng tsa bona!

26Hobane ba hlorisa eo o mo otlileng, ba rata ho bolela mahloko a bao o ba hlabileng.

27O eketse makgopo a bona ka makgopo a mang, ba se ke ba eba le kabelo ho lokeng ha hao!

28Ba hlakolwe bukeng ya ba phelang, ba se ke ba ngolwa le ba lokileng!

29Haele nna, ke hlomohile, ke bohloko; thuso ya hao, Modimo, e ke e mpee nqalong e phahameng.

30Ke tla rorisa lebitso la Modimo ka dithoko, ke le tumise ka dipoko;

31hoo ho tla kgahlisa Jehova ho fetisa dipoho, dipoho tse dinaka le ditlhako.

32Bahlomohi ba tla bona hoo, ba thabe. Pelo tsa lona a di ke di phele, lona ba batlang Modimo!

33Hobane Jehova o mamela ba lesitsi, mme ha a nyedise ba hae ba holehilweng.

34Mahodimo a a ke a mo rorise, le lefatshe, le mawatle, le tse utlwang ho tsona kaofela!

35Hobane Modimo o tla boloka Sione, o tsose metse ya Juda; ba tla aha ho yona, e boele e be leruo la bona;

36e tla ba lefa la ditloholo tsa bahlanka ba wona, mme ba ratang lebitso la wona ba tla nne ba ahe ho yona.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help