HOSEA 12 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Efraime o ikgorisa ka moya, o phallela moya wa botjhabela. Tsatsi lohle o atisa bohata le tshenyeho. Ba hlaba selekane le Assiria, mme ole e iswa Egepeta.

2Jehova o na le tseko le Juda, o tla kgalemela Jakobo ka baka la metsamao ya hae, a mo etse tse tshwanelang diketso tsa hae.

3Popelong ya mmae o ile a tshwara ngwanabo ka serethe, le boholong ba hae o kile a betana le Modimo.

4A betana le lengeloi, a ba a le hlola, a ntse a lla, a le rapela. A le fumana Bethele, mme teng le buile le rona.

5Jehova ke Modimo wa makgotla, Jehova ke lona lebitso la hae.

6Haele wena, o kgutlele ho Jehova, o boloke mohau le ho loka, o itshepele Modimo wa hao kamehla.

7 Efraime ke Mokanana (mohwebi); letsohong la hae o tshwere sekala sa bohata, o rata ho thetsa.

8Mme o itse: Tjhe, ke ruile, ke ipatletse lefumo; ho tsohle tseo ke di ruileng ho ke ke ha fihlelwa ntho eo ke e ruileng ka bokgopo, eo ho ka thweng, ke molato.

9Athe nna ke Jehova, Modimo wa hao, haesale o etswa lefatsheng la Egepeta. Ke sa tla o ahisa ditenteng, jwalokaha ho etswa mohla mokete.

10Ke buile le baporofeta, e, nna, ke ekeditse ditshenolo, mme ka baporofeta ke boletse ditshwantsho.

11Gileade ha a ikentse lefeela, o se a ya fela. Gilgale, ho hlajwa dipoho. Dialetare tsa bona di tla ba jwaloka difika tsa majwe pela moo ho lengwang.

12Jakobo o ne a balehele naheng ya Siria; Iseraele a sebelletsa mosadi; ho rua mosadi a iketsa modisa.

13Ka moporofeta Jehova o ntshitse Iseraele Egepeta, le ka moporofeta Iseraele o kile a bolokwa.

14Efraime o halefisitse Jehova hampe; o tla mmolokela melato ya hae ya madi, Morena wa hae a busetse ho tlotlolla ha hae ho yena.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help