NUMERE 5 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Batho ba ditshila ha ba na ho dula diahelong.

1Jehova a bua le Moshe, a re:

2Laela bana ba Iseraele hore ba ntshe diahelong molepera e mong le e mong, le motho e mong le e mong ya nang le ho dutla, leha e le motho e mong le e mong ya silafaditsweng ke setopo;

3kapa e le monna, kapa e le mosadi le tla mo ntsha, le tla mo ntshetsa kantle ho diahelo, hore a se ke a silafatsa diahelo tsa bona, tseo ke ahileng hara tsona.

4Bana ba Iseraele ba etsa jwalo, ba ba ntshetsa kantle ho diahelo. Kamoo Jehova a neng a buile le Moshe kateng, Baiseraele ba etsa jwalo.

Molao wa ntho tse hlahisitseng molato.

5Jehova a bua le Moshe, a re:

6Bolella bana ba Iseraele, o re: Ha monna, kapa mosadi, a entse se seng sa dibe tseo batho ba sitelwang, ba sitelwang Jehova ka tsona, mme ha motho eo a le molato kahoo,

7ba tla bolela sebe se entsweng ke bona, mme ba tla busa ntho kaofela e hlahisitseng molato, ba e ekeletse ka bohlano ba yona, mme ba tla e nea eo ba mo sitetsweng.

8Ha ekaba eo a se na banababo ba ka buseletswang ntho eo, tefo e lefshwang e tla ba ya Jehova, newe moprista, le yona pheleu ya pheko eo ho tla etswa pheko ka yona.

9Kabelo e nngwe le e nngwe ya dintho tse kgethelwang ke bana ba Iseraele, e tla ruwa ke moprista eo e iswang ho yena.

10Dintho tse kgethelwang e tla ba tsa hae. Ntho e tlang ho iswa ho moprista e tla ba ya hae.

Molao wa poulelo.

11Jehova a bua le Moshe, a re:

12Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Ekare ha mosadi wa monna a kgeloha, mme a mo sitelwa;

13ha monna e mong a mo feba, mme ketso eo e lobilwe mahlong a monna wa hae, ha a itshentse ka sephiring, ho se paki e ka mmolelang, a sa ka a tshwarwa a etsa sebe sa hae,

14mme ha moya wa poulelo o tshwara monna wa hae, hore a belaele ka mosadi wa hae ya itshentseng, kapa ha moya wa poulelo o tshwara monna, mme o mo belaetsa ka mosadi wa hae, leha a sa ka a itshenya,

15monna eo o tla tlisa mosadi wa hae ho moprista, a tlise le nyehelo ya hae ya boshome ba efa ya phofo ya harese. A ke ke a tshela ole ho yona, a ke ke a bea dibano teng, hobane ke nyehelo ya poulelo, nyehelo ya kgopotso, e hopotsang bokgopo.

16Moprista o tla atametsa mosadi, a mo emise pela Jehova.

17Moprista o tla nka metsi a kgethehileng ka pitseng ya letsopa; moprista o tla ola lerole fatshe tabernakeleng, a le tshele metsing ao;

18moprista o tla emisa mosadi pela Jehova; o tla kwaholla hlooho ya mosadi, a bee diatleng tsa hae nyehelo ya kgopotso, e leng nyehelo ya poulelo; mme moprista o tla nka ka letsohong la hae metsi a babang a tlisang thohako.

19Moprista o tla hlapantsha mosadi, a re ho yena: Ha ho se monna ya robetseng le wena, ha wena o leng matleng a monna o sa ka wa mo furalla o tle o itshenye, o ke o phonyohe metsing ana a babang, a tlisang thohako.

20Empa ha wena o leng matleng a monna, o mo furaletse, o bile o itshentse, ha monna osele ho monna wa hao a kile a robala le wena ...

21Mona moprista o tla hlapantsha mosadi ka kano ya thohako, mme o tla re ho mosadi: Jehova a o neele thohakong le hlapaolong hara setjhaba sa heno, a omeletse letheka la hao, a kokomose mpa ya hao;

22metsi ana a tlisang thohako a kene maleng a hao, a kokomose mpa ya hao, mme a omeletse letheka la hao. Mme mosadi o tla re: Amen! amen!

23Moprista o tla ngola bukeng e nngwe dithohako tseo, a ntoo di hlakola ka metsi a babang;

24o tla nosa mosadi metsi a babang, a tlisang thohako, mme metsi a tlisang thohako a tla kena ho yena, a hlahise teng ho baba.

25Moprista o tla nka diatleng tsa mosadi nyehelo ya poulelo; o tla tsokotsa nyehelo pela Jehova, mme o tla e bea aletareng.

26Moprista o tla qotsa ho ka tlatsang seatla nyehelong eo, e be ya kgopotso, mme o tla ho tjhesa aletareng; kamora tseo o tla nosa mosadi metsi ao.

27Etlare hobane a mo nose metsi ao, ho tla etsahala hore, ha a fela a itshentse, mme a sitetswe monna wa hae, metsi a tlisang thohako a tla kena ho yena, a hlahise teng ho baba; mpa ya hae e tla kokomoha, letheka la hae le omelle, mme mosadi eo e tla ba thohako hara setjhaba sa habo.

28Empa ha mosadi a sa ka a itshenya, mme ha a hlwekile, a ke ke a hlahelwa ke letho, mme o tla nne a emole.

29Ke oo molao wa poulelo. Etlare hobane mosadi ya leng matleng a monna a kgelohe, mme a itshenye,

30ha moya wa poulelo o eja monna wa hae hore a belaele ka mosadi wa hae, o tla emisa mosadi pela Jehova, mme moprista o tla mo leka ka molao oo wohle.

31Monna o tla hloka molato, empa mosadi eo o tla jara bokgopo ba hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help