LEVITIKE 17 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Nqalo ya mahlabelo.

1Jehova a boela a re ho Moshe:

2Bolella Aarone le bara ba hae, le bana ba Iseraele kaofela, o re ho bona: Se laetsweng ke Jehova ke sena:

3Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele a hlaba kgomo, leha e le nku, kapa podi, diahelong, kapa kantle ho diahelo,

4a sa e tlise monyako wa tente ya pokano hore e be nyehelo ho Jehova pela tabernakele ya Jehova, madi a yona e tla ba molato ho yena, mme motho eo, ya tsholotseng madi, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo;

5hore bana ba Iseraele, bakeng sa ho hlabela dintho tsa bona naheng, ba di tlise ho moprista pela Jehova, monyako wa tente ya pokano, mme ba di hlahisetse Jehova, e be mahlabelo a teboho.

6Moprista o tla tshollela madi a yona aletareng ya Jehova, monyako wa tente ya pokano, mme o tla tjhesa mafura, e be monko o monate ho Jehova.

7Ba se ke ba hlola ba hlabela diphooko tseo ba di latelang bootsweng ba tsona. Ke oo molao o sa feleng oo ba tlang ho ya ka wona melokong yohle ya bona.

8O fele o re ho bona: Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng ho bona, a hlahisa setjheso, leha e le sehlabelo,

9a sa ka a se tlisa monyako wa tente ya pokano ho se hlahisetsa Jehova, motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo.

Molao wa ho se je madi.

10Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng hara lona, a ka ja madi afe le afe, ke tla tjamela motho eo ya jang madi, ke mo tlose hara setjhaba sa habo.

11Hobane moya wa nama o mading. Ke le neile wona aletareng, a tle a etsetse meya ya lona pheko, hobane ke ka baka la moya madi a ka etsang pheko.

12Ke ka baka leo ke itseng ho bana ba Iseraele: Ho se be motho hara lona ya jang madi; le yena moditjhaba ya ikahetseng hara lona, a se ke a ja madi.

13Ekare ha motho hara bana ba Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng hara bona, a tshwara phoofolo tsholong, leha e le nonyana ya tse jewang, o tla tsholla madi a yona, a a kwahele ka mobu.

14Hobane madi ke moya wa nama tsohle, madi a tsona ke wona moya wa tsona. Ke ka baka leo ke itseng ho bana ba Iseraele: Le ke ke la ja madi a nama efe le efe, hobane moya wa dinama tsohle ke madi a tsona; mang le mang ya tlang ho a ja, a tloswe.

15Mang le mang hara ba tswaletsweng ha habo lona, leha e le moditjhaba, ya tlang ho ja ntho e shweleng, leha e le e harotsweng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya; e ntoo ba ya hlwekileng.

16Ekare ha a sa hlatswe diaparo tsa hae, a sa hlatswe le mmele wa hae, o tla jara boima ba molato wa hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help