JOBO 11 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Phetolo ya pele ya Tsofare.

1Yaba Tsofare wa Naama o fetola, a re:

2Bongata bo bokalo ba mantswe na bo ka hloka phetolo na? Motho ya lehehle na o tla re, o lokile na?

3Na taba tsa hao tsa lefeela di tla kgutsisa banna na? Na o tla nne o some, ho se ya o hlabisang dihlong?

4O re: Seo ke se bolelang ke nnete, mme ke hlwekile pela hao!

5Hola Modimo o mpa o ne o ka bua, wa ahlamisa molomo wa wona ho bua le wena,

6ho o senolela diphiri tsa bohlale ba wona, bo tebileng, bo fetang kutlwisiso ya rona, o ka be o bona hoba bakeng sa hao Modimo o lebetse boholo ba sebe sa hao.

7Na o ka fihlela ditaba tse tebileng tsa Modimo na? Na o ka utlwisisa bophethehi ba Ya matla wohle na?

8Bo phahame jwaloka lehodimo: o ka etsang? Bo tebile ho fetisa nqalo ya bafu: o ka tsebang?

9Bolelele ba bona bo fetisa lefatshe, bo pharaletse ho feta lewatle.

10Ha o ka phalla, wa tshwara, wa isa kahlolong, o tla thibelwa ke mang na?

11Hobane o tseba bolotsana ba batho, o bona bobe leha o sa bo hlokomele.

12Empa motho ya se nang kutlwisiso, o sitwa ho fihlela kelello, o hlahile jwaloka petsana ya pitsi.

13Empa ha o ka hleka pelo ya hao hantle, mme wa otlollela matsoho a hao ho wona,

14ha o ka suthisa bobe pela hao, wa bo hlohlorela hole, o sa lese bokgopo bo ikgahela tenteng ya hao,

15etlaba moo o tsebang ho emisa hlooho ya hao o se na sekodi; o tla tiya o sa tshabe letho.

16O tla lebala bohloko ba hao, o bo elellwe jwaloka metsi a fetileng;

17bophelo ba hao bo tla ela ka lesedi le fetang la motshehare; leha ho ka ba lefifi, mafube a tla boela a hlahe;

18o tla tiya pelo, hobane tshepo e tla ba teng; moo o neng o hloreha, o tla robala ka boiketlo;

19phomolong o ke ke wa kgathatswa, ba bangata ba tla phaphatha sefahleho sa hao.

20Empa mahlo a ba bolotsana a tingwa, ba hloka setshabelo; tshepo e ba saletseng ke ho neela moya.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help