1Jobo a boela a isa polelo ya bohlale ya hae, a re:
2Ka Modimo o phelang, o nkamohileng ho loka ha ka, le ka Ya matla wohle ya hlokofaditseng moya wa ka,
3ha ke ntse ke phela, mme phefumoloho ya Modimo ha e sa ntse e le dinkong tsa ka,
4melomo ya ka e ke se ke ya bolela leshano, le leleme la ka le ke se ke la ntsha thetso.
5Taba ya hore le boletse nnete, e be hole le nna; ke tla tiya, ke bolele ho hloka molato ha ka, ke be ke shwe.
6Ke itshwareletse ka ho loka ha ka, nke ke ka ho latola; pelo ya ka ha e nkahlole hodima matsatsi a ho phela ha ka leha le le leng.
7Eo e leng sera ho nna a ke a be jwaloka molotsana, ya ntwantshang a tshwane le ya kgopo!
8Hobane tshepo ya molotsana ke efe, ha Modimo o mo kgaola, leha o lata bophelo ba hae?
9Na Modimo o tla utlwa mehoweletso ya hae, mohla a jewang ke matswalo na?
10Na o batla thabo ya hae ho Ya matla wohle na? Na a ka rapela Modimo ka dinako tsohle na?
11Ke tla le ruta diketso tsa Modimo, nke ke ka pata merero ya Ya matla wohle.
12Bonang, kaofela ha lona le e lemohile hantle; mme le dumellane; ha ho le jwalo, le hlahisa dipolelo tsa lefeela keng?
13Hona ke kabelo ya molotsana e tswang ho Modimo; ke lena lefa leo motubi a le nkang ho Ya matla wohle:
14ha bana ba hae ba atile, e tla ba dijo tsa lerumo, ditloholo tsa hae di ke se ke tsa kgora bohobe;
15ba hae ba phonyohileng ba tla epelwa ke lefu la sewa, mme bahlolohadi ba hae ba ke se ke ba ba llela.
16Leha a ka bokella silefera, e be ka ka lerole, le diaparo tse ntle, di be ka ka qubu ya seretse,
17ke yena ya di bokellang, empa ke ya lokileng ya tla ikapesa ka tsona; mme silefera ya hae, ba se nang molato ba tla e arolelana.
18O hahile ntlo jwaloka ya tshwele, jwaloka lephephe la ya letang tshimo;
19o ithoballa a ruile, mme o timela a se a se na letho; o a phaphama, eba tsohle di ile;
20matswalo a tla ho yena jwaloka morwallo wa metsi; bosiu o tloswa ke sefefo.
21Moya wa botjhabela o ya le yena, mme o a ikela; o mo tlosa ka matla ditulong tsa hae,
22hobane Modimo o mo phosa, o sa mo hauhele; o tswatswile a leka ho pshemoha matsohong a wona;
23batho ba opa diatla ka yena, ba mo letsetsa molodi ha a tloha tulong tsa hae.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.