DIPROVERBIA 14 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Mosadi ya bohlale o haha ntlo ya hae; empa ya se nang kutlo o e qhaqha ka matsoho a hae.

2Ya tsamayang ka bokgabane o tshaba Jehova; empa ya kgopamisang ditsela tsa hae, o a mo nyedisa.

3Molomong wa lewatla, ho na le thupa e otlang boikgohomoso ba lona; empa ba bohlale ba bolokwa ke melomo ya bona.

4Moo kgomo di leng siyo, mediko e hloka dijo; empa matla a dipholo a ekeletsa leruo.

5Paki e tshepehang e ke ke ya bolela leshano; empa paki e mano e fefetha mashano feela.

6Monyefodi o batla bohlale, empa ha a bo fumane; athe tsebo e fumanwa ka bonolo ke ya masene.

7Hlobohana le lewatla, ha o le bona; hobane ha le na molomo o nang le tsebo.

8Bohlale ba motho ya masene bo mo bontsha tsela ya hae, empa bosawana ba setseketseke bo a se thetsa.

9Mawatla a swaswa ka sebe, empa ba lokileng ba thabelana.

10Pelo e itsebela ho baba ha yona; le teng, ho thaba ha yona ho ke ke ha kopanelwa ke motho e mong.

11Ntlo ya e mobe e tla ripitlwa; empa motlotlwane wa ba lokileng o tla tiya.

12Mohlomong, ho motho, tsela e nngwe e bonahala e ntse eka e lokile, athe bofello ba yona bo isa lefung.

13Motho leha a tsheha, pelo ya hae e ntse e hlomohile, mme qetello ya thabo ke maswabi.

14Ya pelo e ikgakanyang o tla tenwa ke mekgwa ya hae; empa motho ya lokileng o tla thabiswa ke diketso tsa hae.

15Sethoto se dumela ditaba tsohle; empa ya nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.

16Ya bohlale o na le tshabo, o sesefa bobe; empa ya thotofetseng o tlatselela feela, mme o a itshepa.

17Motho ya bohale o etsa tsa bowatla, mme ya ditaba tse lonya o a hlouwa.

18Lefa la dithoto ke bowatla; empa ba masene ba tla rwala moqhaka wa tsebo.

19E mobe o inama pela motho ya molemo, le ba lonya pela monyako wa ba lokileng.

20Mofutsana o ilwa le ke wa habo; empa metswalle ya morui e mengata.

21Ya nyedisang wa habo o etsa sebe; empa ho lehlohonolo motho ya leng molemo ho mofutsana.

22Ba rerang bobe ha ba lahlehe na? Empa molemo le nnete ke tsa ba rerang botle.

23Mosebetsi ka mong o na le moputso; empa ho qamota feela ho qephisa maruo.

24Maruo a motho ya hlalefileng ke moqhaka wa hae; haele lewatla, bowatla ba lona e ntse e le bowatla.

25Paki ya nnete e namolela bophelo ba batho; haele ya bohata, e fefetha mashano feela.

26Ya tshabang Jehova o na le kgotso ya sebelebele, mme bana ba hae ba tla ba le setshabelo.

27Ho tshaba Jehova ke sediba sa bophelo, ho qobisa batho mamena a lefu.

28Kganya ya morena ke bongata ba batho; empa ho hlokahala ha bona ke tshenyeho ho ngwana morena.

29Ya diehang ho halefa o na le kelello e kgolo; empa ya pelo e befang kapele o hlahatsa bothoto.

30Pelo e tshweu e phedisa mmele wa motho; empa mona o bodisa masapo a hae.

31Ya tubang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae; empa ya molemo ho mofumanehi o a mo rorisa.

32Moetsadibe o kgoholwa ke bobe ba hae; empa motho ya lokileng o na le tshepo le lefung.

33Bohlale bo ikahetse ka pelong ya motho ya masene; empa bohare ba mawatla bo a itshenola.

34Ho loka ho hodisa setjhaba; empa bokgopo bo se apesa ka nyediso.

35Mohlanka ya hlalefileng o kgahleha ho morena, empa eo o halefela ya hlabisang dihlong.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help