I MARENA 4 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Matona a Salomone. — Boholo le botumo le bohlale ba hae.

1Morena Salomone ya eba morena wa Baiseraele bohle.

2Matona a hae ke ana: Asaria, mora moprista Tsadoke;

3le Elihorefe, le Akija, bara ba Shisha, bangodi; le Josafate, mora Akilude, mmoloki wa mangolo a mmuso;

4le Benaia, mora Jehojada, molaodi wa makgotla; le baprista Tsadoke le Abiathare;

5le Asaria, mora Nathane, modisa wa matona a mang; le Sabude, mora moprista Nathane, sephatho sa morena;

6le Akishare, modisa wa ntlo; le Adonirame, mora Abda, molaodi wa lekgetho.

7Hape, Salomone a bea matona a leshome le metso e mmedi hodima Baiseraele bohle, hore a batlele morena le ntlo ya hae dijo; e nngwe le e nngwe e ne e tshwanetse ho batla dijo ka kgwedi e nngwe, ka selemo se seng le se seng.

8Mabitso a wona ke ana: Ke Bene-Hure, thabeng ya Efraime;

9ke Bene-Dekere, a beilwe Makatse, le Saalbime, le Bethe-Shemeshe, le Elone, le Bethe-Hanane.

10Ke Bene-Hesede, a beilwe Arubbothe, le Soko, le naheng yohle ya Hefere.

11Ke Bene-Abinadabe, sehlabeng sohle sa Dore; mosadi wa hae e ne e le Thafathe, moradi wa Salomone.

12Ke Baana, mora Akilude, a beilwe Thaanake, le Megiddo, le naheng yohle ya Bethe-Sheane e haufi le Tsarthane, katlasa Jisreele, ho tswa Bethe-Sheane, ho isa Abele-Mehola, le ho feta Jokmeame.

13Ke Bene-Gebere, a beilwe Ramothe-Gileade, metseng ya Jaire, mora Manasse, naheng ya Gileade; a bewa le naheng ya Argobe, Bashane; ke metse e mashome a tsheletseng e meholo e nang le marako le mekwallo ya koporo.

14Ke Akinadabe, mora Iddo, Mahanaime;

15le Akimaatse, naheng ya Nefthali; le yena o ne a nyetse Basmathe, moradi wa Salomone.

16Ke Baana, mora Hushai, naheng ya Asere le Bealothe;

17le Josafate, mora Parua, naheng ya Issaskare;

18le Shimei, mora Ela, naheng ya Benjamine;

19ke Gebere, mora Uri, naheng ya Gileade, e leng naha ya Sihone, morena wa Baamore, le ya Oge, morena wa Bashane; ho ne ho se tona e nngwe naheng eo haese yena a nnotshi.

20Bajuda le Baiseraele ba ne ba le bangata, jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle, ba eja, ba enwa, ba nyakalla.

21Salomone a busa mebuso yohle ho tloha nokeng, ho ya fihla naheng ya Bafilesta, le ho ya moeding wa Egepeta; bohle ba ne ba tlisetsa Salomone dinyehelo, ba mo sebeletsa ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae.

22Dijo tsa Salomone, tsa tsatsi le leng le le leng, e ne e le dikore tse mashome a mararo tsa phofo e thumisitsweng, le dikore tse mashome a tsheletseng tsa phofo e mahaila;

23le dikgomo tse nontshitsweng tse leshome, le dikgomo tse mashome a mabedi tsa tse fulang naheng, le dinku tse lekgolo, le dikgama, le ditshephe, le matsa, le dinonyana tse nontshitsweng.

24O ne a busa naha yohle e mose o kwano ho noka, ho tloha Thifsa, ho isa Gasa, le marena wohle a mose o kwano ho noka; e ne e le kgotso ka nqa tsohle.

25Bajuda le Baiseraele, ho tloha Dane ho isa Beerseba, ba ne ba dutse ba iketlile, e mong le e mong tlasa morara wa hae le tlasa feiye ya hae, ka matsatsi wohle a Salomone.

26Salomone o ne a na le dijelo tse dikete tse mashome a mane tsa dipere tsa makoloi, le bakali ba kete tse leshome le metso e mmedi.

27Matona a ne a ntse a batlela morena Salomone le bohle ba jang tafoleng ya morena Salomone dijo, e nngwe le e nngwe ka kgwedi ya yona, a sa tlohele letho le ka hlokahalang.

28E nngwe le e nngwe ya nna ya tlisa, kamoo e tshwanetseng kateng, harese le habore ya dipere tsa makoloi le ya tse kallwang tse lebelo, moo di leng teng.

29Modimo wa nea Salomone bohlale le kutlwisiso e kgolo haholo, le kelello e ngata, e ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle.

30Bohlale ba Salomone ba feta bohlale ba bana bohle ba Botjhabela, le bohlale bohle ba Egepeta.

31A feta batho bohle ka bohlale, a feta le Ethane wa Esra, le Hemane, le Kalkole, le Darda, bara ba Mahole; mme lebitso la hae la tuma ditjhabeng tsohle tse kamathoko.

32Salomone a bolela maele a kete tse tharo, difela tsa hae ya eba sekete se nang le metso e mehlano.

33A bolela le tsa difate, ho qala ka kedare ya Lebanone, ho isa ho hisopa e melang lerakong; a bolela le tsa diphoofolo, le dinonyana, le dihahabi, le dihlapi.

34Ha tla ba matjhaba wohle, ho tla utlwa bohlale ba Salomone, ba romilwe ke marena wohle a lefatshe, a neng a utlwe tsa bohlale ba hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help