1Esale le botjheng ba ka, ba ntubile haholo,
2— Israele a ke a rialo! — esale le botjheng ba ka, ba ntubile haholo; empa ha ba ka ba ntlhola.
3Balemi ba lemile mokokotlo wa ka, ba isitse maselatsela a bona halelele.
4Jehova o lokile, o kgaotse mehala ya ba babe.
5A ba ke ba hlabiswe dihlong, ba suthe kasanthao, bohle ba hloileng Sione.
6A ba ke ba be jwaloka jwang bo melang marulelong, bo omellang bo eso ho hole;
7mohedi a ke ke a tlatsa letsoho la hae ka jona, ya tlamang mangata a ke ke a bo jara;
8le bona bafeti ha ba na ho re: Jehova a le hlohonolofatse! re le hlohonolofatsa lebitsong la Jehova!
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.