SAKARIA 13 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Sediba se tla ba teng, ka tsatsi leo, se kwaholletsweng ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ho hlatswa sebe le ditshila.

2Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla tlosa mabitso a ditshwantsho lefatsheng, mme ha di sa tla hlola di hopolwa; le bona baporofeta ke tla ba falatsa lefatsheng, hammoho le moya o ditshila.

3Ha ho ka ba e mong ya sa ntseng a porofeta, ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla re ho yena: O ke ke wa phela, hobane o boletse leshano ka lebitso la Jehova! Mme ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla mo hlaba, ka baka la ho porofeta ha hae.

4Ka tsatsi leo, baporofeta ba tla hlajwa ke dihlong, e mong le e mong ka pono ya hae, ha a ntse a porofeta; ha ba sa tla apara kobo ya boya, ho bolela leshano.

5Ba tla re: Ha ke moporofeta, ke motho ya lemang mobu, hobane ke ne ke rekwe ke motho botjheng ba ka.

6Etlare ha ba re ho yena: Ke ang maqeba ana a hara matsoho a hao? o tla re: Ke ao ke a entsweng tlung ya metswalle ya ka.

7 Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.

8Lefatsheng lohle, ho bolela Jehova, karolo tse pedi tsa batho ba teng di tla kgaolwa, di timele, ya boraro e sa le teng.

9Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help