MATTHEU 14 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Ho shwa ha Johanne Mokolobetsi.

1Mehleng eo, Heroda moteterareke a utlwa botumo ba Jesu.

2Yaba o re ho bahlanka ba hae: Eo ke Johanne Mokolobetsi: o tsohile bafung, mme ke ka baka leo matla ao a sebetsang ka ho yena.

3Efela Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filippi moenae.

4Hobane Johanne o ne a itse ho yena: Ha ho a lokela hoba o be le yena.

5Heroda o ne a rata a ka mmolaya; empa a tshaba batho; hobane ba ne ba re: Ke moporofeta.

6Empa moketeng wa tsatsi la tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a etsa tjhao pontsheng eo bohle, a kgahlisa Heroda.

7Yaba o mo hlapanyetsa ka kano, a re, o tla mo nea ntho eo a ka e qelang, leha e ka ba eng le eng.

8Morwetsana ha a laetswe ke mmae a re: Nnee hona jwale hlooho ya Johanne Mokolobetsi ka mokeke.

9Morena a swaba; empa ka baka la kano ea hae, le ka baka la ba dutseng dijong le yena, a laela hore a e newe.

10A romela ho kgaola Johanne hlooho teronkong.

11Hlooho ya hae ya tliswa ka mokeke, ya newa morwetsana, mme a e isa ho mmae.

12Jwale barutuwa ba Johanne ba tla, ba nka setopo, ba se epela, ba ntoo ya bolella Jesu.

Katiso ya mahobe.

13Jesu yare hoba a utlwe taba eo, a tloha moo ka sekepana, a ikela thoko, feelleng. Eitse hobane matshwele a utlwe, a mo latela teng ka maoto, a etswa metseng.

14Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, a bo utlwela bohloko, a fodisa ba kulang ba bona.

15Yare mantsiboya, barutuwa ba hae ba mo atamela, ba re: Mona ke feelleng, le letsatsi le se le ile; o ke o kgutlise bongata, bo ikele metsaneng ho ithekela dijo.

16Empa Jesu a re ho bona: Ha ba tshwanela ho tloha; ba fepeng e le lona.

17Ba re ho yena: Ha re na letho mona, haese mahobe a mahlano feela le dihlapi tse pedi.

18Yaba o re: Di tliseng mona ho nna.

19Eitse hobane a laele bongata ho dula hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba a abela bongata.

20Mme ba eja bohle, ba kgora, ha ba ha thonakwa dingwathwana tse setseng, tsa tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi.

21Mme ba jeleng e be e le banna ba batlileng ho ba dikete tse hlano, basadi le bana ba sa balwe.

Jesu o tsamaya hodima metsi.

22Yaba Jesu o phakisa a kganna barutuwa ba hae, a re, ba kene sekepaneng, ba mo etelle pele mose wane, ha a sa kgutlisa matshwele.

23Eitse hobane a kgutlise matshwele, a nyolohela thabeng ho ya rapela kathoko; a phirimelwa a sa le hona teng a nnotshi.

24Sekepana sona se ne se se se le hara lewatle, se tsokotswa ke maqhubu a metsi; hobane moya o ne o se hanela.

25Eitse ka tebelo ya bone ya bosiu, Jesu a tla ho bona, a tsamaya hodima lewatle.

26Barutuwa ha ba mmona a tsamaya hodima lewatle, ba tshoha, ba re: Ke sethotsela; mme ba meketsa ke ho tshaba.

27Empa Jesu a phakisa a bua le bona, a re: Betang dipelo, ke nna, se tshabeng.

28Petrose a mo araba, a re: Morena, haeba ke wena, laela hore ke tle ho wena hodima metsi.

29A re: Tloo! Yaba Petrose o tswa sekepaneng, a tsamaya hodima metsi, a ya ho Jesu.

30Empa ha a bona moya o le bohale, a tshoha, mme ha a qala ho teba, a howa, a re: Morena, mpholose!

31Jesu a phakisa a otlolla letsoho, a mo tshwara, a re ho yena: Motho ya tumelo e nyenyane, o belaeletseng?

32Yare ha ba kene sekepaneng, moya wa kgutsa.

33Yaba ba ka sekepaneng ba atamela, ba mo kgumamela, ba re: Efela o Mora Modimo ruri.

34Yare ha ba tsheletse mose, ba kena lefatsheng la Genesarethe.

35Banna ba moo ha ba tseba hoba o teng, ba romela mathokong wohle a teng; yaba ba tlisa ho yena bohle ba seng monate.

36Ba mo rapela hore a ba dumelle, leha e le ho ama qola feela ya kobo ya hae; mme bohle ba e amang ba fola.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help