DEUTERONOMA 17 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Bohetene.

1O se ke wa hlabela Jehova, Modimo wa hao, kgomo, leha e le nku, e nang le sekodi kapa molato o mong; hobane hoo ke manyala ho Jehova, Modimo wa hao.

2Ha ho fumanwa ha eno, motseng o mong wa eo Jehova, Modimo wa hao, a tla o nea yona, monna, kapa mosadi ya etsang bobe pela Jehova, Modimo wa hao, ka ho tlola selekane sa hae;

3leha e le ya yang ho sebeletsa le ho kgumamela medimo esele, leha e ka ba letsatsi, kapa kgwedi, kapa makgotla wohle a dinaledi tsa lehodimo, e leng taba eo ke sa kang ka o laela yona;

4ha o ka bolellwa, wa utlwa hoo, batlisisa hantle, mme ha o fumana hobane taba e boletsweng ke ya nnete, mme ho tiiswa hore manyala a itseng a entswe Iseraeleng;

5ntsha monna eo, kapa mosadi eo, ya entseng taba eo e mpe, o mo ise dikgorong tsa hao; mme kapa e leng monna, kapa e leng mosadi, o tle o mo tlepetse ka majwe, a shwe.

6Ya tshwanelwang ke lefu, a bolawe ka melomo ya dipaki tse pedi, kapa tse tharo; empa a se ke a bolawa ka molomo wa paki e le nngwe.

7Matsoho a dipaki e be wona a bewang pele hodima hae ho mmolaya, e ntano ba matsoho a batho bohle. Tlosa bobe haeno jwalo.

Dikahlolo tse thata.

8Ekare ha ho hlaha taba e thata, eo o sitwang ho e ahlola mahareng a madi le madi, le mahareng a nyewe le nyewe, le mahareng a leqeba le leqeba, e leng ditaba tse tsekwang metseng ya hao, teng o tla tloha, o nyolohele nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha;

9o tla ya ho baprista ba Balevi, le ho moahlodi ya tla bang teng mohlang oo, o ba botse; mme ba tla o tsebisa kahlolo e loketseng.

10O tla etsa ka tseo ba tla o bolella tsona nqalong e tla kgethwa ke Jehova, o hlokomele ho etsa ka tsohle tseo ba tla o ruta tsona.

11O etse se bolelwang ke molao oo ba tla o ruta ka wona, le ka kahlolo eo ba tla o bolella yona; o se fapohe taba tseo ba tla o bolella tsona ka ho ya ka letsohong le letona, leha e le ho le letshehadi.

12Haele motho ya etsang ka boikgohomoso, ya hanang ho utlwa moprista ya emeng hona teng ho sebeletsa Jehova, Modimo wa hao, kapa moahlodi, motho eo a shwe, mme o tlose bobe Iseraeleng.

13Batho bohle ba tla utlwa, ba tshabe, mme ba ke ke ba hlola ba ikgantsha le ka mohla o le mong.

14Etlare hobane o kene naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o neang yona, ha o se o e ruile, o ahile ho yona, leha o ka re: Ke tla ipeela morena jwaloka ditjhaba tsohle tse nteetseng hare;

15o ipeele morena ya tla kgethwa ke Jehova, Modimo wa hao; motho ya tla bewa morena ke wena, e be e mong wa banabeno; o ke ke wa bea moditjhaba, e leng motho eo e seng ngwaneno.

16Feela a se ke a ipokellela dipere tse ngata, mme a se ke a busetsa setjhaba Egepeta, ho bokella dipere tse ngata; hobane Jehova o le boleletse, a re: Le se ke la boela la tsamaya ka tsela eo.

17Hape, a se ke a nyala basadi ba bangata, pelo ya hae e tle e se ke ya kgeloha; silefera le kgauta a se ke a ipokellela tsona haholo.

18Etlare hobane a dule setulong sa borena ba hae, a ingolle buka ya molao oo, a nke ditaba bukeng e leng ho baprista ba Balevi.

19Buka eo e dule ho yena, a e bale ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, a tle a ithute ho tshaba Jehova, Modimo wa hae, le ho boloka ditaba tsohle tsa molao ona, le tsa taelo tsena, mme a etse ka tsona.

20Pelo ya hae e tle e se ke ya ikgohomosetsa banababo, mme a se ke a kgeloha molao ona ho ya ka letsohong le letona, kapa ho le letshehadi, a tle a ngatafatse matsatsi a hae a puso ya hae, e le yena le bana ba hae, hara setjhaba sa Iseraele.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help