JOBO 8 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Phetolo ya pele ya Bildade.

1Yaba Bildade wa Shua o bua, a re:

2Taba tse jwaloka tseo o tla di bua ho isa kae na? Mantswe a molomo wa hao a be jwaloka moya o tsukutlang, ho isa kae na?

3Na Modimo o ka kgopamisa se lokileng na? Ya matla wohle a ka heletsa ho loka na?

4Erekaha bana ba hao ba mo sitetswe, o ba neetse bokgopo ba bona.

5Empa ha o ka batla Modimo, wa ithapella mohau ho Ya matla wohle,

6ha o hlwekile, o lokile, kannete o tla o ela hloko, a hlohonolofatse ntlo ya hao e lokileng.

7Mme ha ekaba tseo o neng o di rue pele di bile nyenyane, tsa ho qetella di tla fetisisa haholo.

8Hlo o botsisise meloko ya pele, o lemohe tseo bontata yona ba di fihletseng;

9hobane rona re ba maobane, ha re na tsebo, etswe matsatsi a rona lefatsheng e le moriti feela.

10Ba ka o ruta, ba ka bua le wena, ba ntsha ditaba tse ka dipelong tsa bona:

11Na moseme o ka mela moo mohlaka o leng siyo na? Kapa lehlaka le ka ata moo metsi a leng siyo na?

12Le sa le lekgaba, leha le sa helwe, le ye le pone, dimela tse ding di sa le tala.

13Tsela ya e mong le e mong ya lebalang Modimo e jwalo, tebello ya ya se nang borapedi e a fela;

14tshepo ya hae ke e thetsehang; o itshepisitse ka bolepo ba seokgo;

15o itshetleha ka ntlo ya hae, ha e tiye; o itshwarella ka yona, ha e hlole.

16O ka sefate se tletseng metsi, leha letsatsi le tjhesa, seo makala a sona a namang ho tlola motero wa tshimo;

17metso ya sona e rarana qubung tsa majwe, e kena le mobung o majwe;

18empa ha se ka ntshwa bodulong ba sona, bo tla se latola, bo re: Ha ke a ka ka o bona le ka mohla o le mong!

19Ke hona ho fela ha katleho ya sona, mme mobung wona oo ho tla mela tse ding.

20Bona, Modimo ha o kgese ya se nang molato, empa o ke ke wa sireletsa baetsadibe.

21O sa tla tlatsa molomo wa hao ka ditsheho, le melomo ya hao ka thabo.

22Ba o hloileng ba tla apeswa dihlong, mme tente ya ba babe e tla lesa ho ba teng.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help