1Hojane o ka bula mahodimo, wa theoha, dithaba tsa keleketla pela hao!
2Hoja o ka theoha jwaloka mollo o tjhesang hlaha, mollo o bedisang metsi, dira tsa hao di ne di tla tseba lebitso la hao, ditjhaba di ne di tla thothomela pela hao;
3jwaloka mohla o kileng wa etsa mehlolo e tshabehang eo re neng re sa e lebella, mme wa theoha, dithaba tsa ba tsa keleketla pela sefahleho sa hao!
4Esale ho hlaheng, batho ha ba eso ho utlwe, ditsebe ha di eso ho mamele, le mahlo ha a eso ho bone Modimo, haese wena o etsang jwalo ho ba o tshepileng.
5O kgahlanyetsa ya ithabisang ka ho etsa ho lokileng, ya o hopolang ka ho boloka ditsela tsa hao. Bona, wa nna wa halefa, hobane re ne re o sitetswe, mme ra tiisetsa teng halelele; mme re ka bolokeha jwang?
6Athe kaofela ha rona re fetohile ntho e ditshila, ho loka ha rona kaofela ho jwaloka kobo e ditshila haholo, re ponne kaofela jwaloka mahlaku, makgopo a rona a ya le rona jwaloka sefefo.
7Ha ho motho ya rapelang lebitso la hao, ya tsohang ho itshwarella ka wena; ka baka leo, o re patetse sefahleho sa hao, o re qhibidisitse ka baka la makgopo a rona.
8Empa jwale, Jehova, o ntata rona; re letsopa, mme wena o Mmopi wa rona; kaofela ha rona re mosebetsi wa matsoho a hao.
9Oho Jehova, o se ke wa halefa ka ho fetisisa, o se ke wa boloka kgopolo ya makgopo a rona ka ho sa feleng! Oho bona, o tadime hle; kaofela re setjhaba sa hao.
10Metse e halalelang ya hao e fetohile nahathothe, Sione ke nahathothe, Jerusalema ke lesupi.
11Ntlo ya rona e halalelang e kganyang, moo bontata rona ba binneng dithoko tsa hao teng, e tjhele ke mollo; tsohle tseo re neng re di rata di senyehile.
12Oho Jehova, ha o bona diketso tseo, na o ka itshwara, o ka kgutsa na, wa re tlohela mahlomoleng a fetisisang na?
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.