ESAIA 31 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Ho madimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso, ba itiisang ka dipere, ba tshepang makoloi ka ho re a mangata, ba tshepang le ba kallang dipere, hobane ba matla, athe ha ba tadime Mohalaledi wa Iseraele, mme ha ba batle Jehova!

2Athe le yena o bohlale, ke kahoo a tlisang mahlomola, mme ha a kgutlise mantswe a hae; ntlo ya ba etsang hampe o tla e tsohela matla, le bona ba thusanang le ba sebetsang bokgopo.

3Moegepeta ke motho, e seng modimo; dipere tsa hae ke nama, e seng moya. Etlare ha Jehova a otlolla letsoho la hae, mothusi o tla kgoptjwa, le ya thuswang a we, ba fele kaofela hammoho.

4Hobane Jehova o mpoleletse, a re: Jwaloka tau, kapa tawana ha e puruma hodima phoofolo e tshwerweng ke yona, e sa tshohe mehoo ya badisa ba bangata ba e bokanetseng, e sa balehe pela bongata ba bona, ka mokgwa o jwalo, Jehova wa makgotla o tla theoha ho futuhela thaba ya Sione le leralla la yona.

5Empa jwaloka dinonyana ha di otlolla mapheo a tsona, Jehova wa makgotla o tla sireletsa Jerusalema ka mapheo a hae; a apese, a namolele, a qenehele, a pholose.

6Sokolohelang ho yena eo le mo furaletseng hakalo, lona bana ba Iseraele!

7Hobane tsatsing leo, e mong le e mong o tla lahla medimo ya hae ya silefera, le medimo ya hae ya kgauta, eo le iketseditseng yona ho etsa sebe ka yona.

8Assiria o tla fediswa ke lerumo leo e seng la motho; lerumo leo e seng la motho le tla mo ja, a balehe pela lerumo, bahlankana ba hae ba etswe ba ruilweng.

9Lefika la hae le tla baleha ke ho tshoha, mahosana a hae a balehele hole ke ho tshaba folaga ya Jehova; ho bolela Jehova eo mollo wa hae o leng Sione, le sebopi sa hae se leng Jerusalema.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help