DIPESALEME 124 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Thoko e rokang ya tsebang ho lwela motho metsing le marabeng.Sefela sa Mahalothe. Sa Davida.

1Hola e se be Jehova ya re lwanetseng, — Iseraele a ke a rialo! —

2hola e se be Jehova ya re hauhetseng, mohla batho ba neng ba re phahamela,

3ba ka be ba re hohlomeditse re ntse re utlwa, mohla bohlanya ba bona bo re tukelang;

4mehleng eo, metsi a ka be a re kgurumeditse, mme diphororo di ka be di fetile hodima meya ya rona.

5Metsi a phorosetsang a ka be a fetile hodima meya ya rona.

6Ho roriswe Jehova ya sa kang a re neela ho rusollwa ke meno a bona!

7Moya wa rona o phonyohile jwaloka nonyana lerabeng la motshwasi; leraba le ne le kgaohe, ra phonyoha.

8Thuso ya rona e lebitsong la Jehova, ya entseng mahodimo le lefatshe.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help