JEREMIA 45 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Mantswe o boleletsweng Baruke.

1Lentswe leo moporofeta Jeremia a kileng a le bolella Baruke, mora Neria, ha a ne a ntse a ngola mantswe ana kaofela bukeng, ka molomo wa Jeremia, ka selemo sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ke le reng:

2Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa hao Baruke:

3O ipolella, o re: Ho madimabe nna, hobane Jehova o ekeleditse bohloko ba ka ka hlomoho; ke kgathetse ke ho fehelwa, ha ke bone kgatholoho.

4O tle o mmolelle, o re: Ho itswe ke Jehova: Bona, seo ke se hahileng ke ya se ripitla, seo ke se hlomileng ke tla se epolla; ho tla ba jwalo le lefatshe lena kaofela.

5Mme wena, na o ka ipatlela boholo na? O se ke wa ipatlela jona, hobane bona, ke ya tlisa bobe hodima batho bohle, ho bolela Jehova; empa ke tla o nea bophelo ba hao, e be kgapo ya hao nqalong tsohle moo o ka yang teng.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help