DIPROVERBIA 28 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Motho e mobe o a balehe, leha a sa phallelwe, empa ba lokileng ba iketlile jwaloka tau e ntjha.

2Ha setjhaba se kenwa ke bokwenehi, marena a ba mangata; empa mmuso o tiya ka monna ya masene, wa ditaba.

3Mohloki ya busang mafutsana, ke sekgohola se sa siyeng bohobe.

4Ba sa reng letho ka molao ba rorisa ba babe; empa ba o bolokang ba ba lwantsha.

5Ba babe ha ba utlwisise se lokileng; empa ba batlang Jehova ba utlwisisa ditaba tsohle.

6Mofumanehi ya tsamayang ka bokgabane ba hae o fetisa ya ditsela tse kgopo, leha a ruile.

7Ya bolokang molao ke ngwana ya hlalefileng, empa ya itlwaetsang manyolonyolo o hlabisa ntatae dihlong.

8Ya atisang leruo la hae ka bokgonatha le ka phahello, o bokellela motho ya tla hauhela basenyehi.

9Ya fapanyang tsebe le molao hore a se ke a o utlwa, esita le thapelo ya hae e manyala.

10Ya tjhatjhehisang ba lokileng ho ba kgelosetsa tseleng e mpe, e tla ba yena ya welang lemeneng leo a le tjhekileng; ba lokileng bona ba tla ja lefa la lehlohonolo.

11Morui o bohlale mahlong a hae, empa o lemohuwa ke mofutsana ya kelello.

12Mohla ba lokileng ba hlolang, boiketlo bo teng; empa ba babe ha ba phahama, ho ipatwa ke batho.

13Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.

14Ho lehlohonolo motho ya letswalo kamehla! Ya ithatafatsang pelo o tla wela bobeng.

15Morena ya lonya ya busang setjhaba se fumanehileng, ke tau e purumang, ke bere e lapileng.

16Morena ya se nang temoho ke motshwenyi e moholo; empa ya hloileng ho ja batho o tla eketsa ditshiu tsa ho phela ha hae.

17Motho ya imetsweng ke madi a motho e mong o ya nne a balehe ho isa lebitleng; le se ke la mo tshwara.

18Ya tsamayang ho lokeng o tla bolokeha; empa ya kgopo, ya yang ka tsela tse pedi, o tla wela ho e nngwe.

19Ya itemelang tshimo o tla kgora bohobe, empa ya tlwaelang mahlaswa o tla kgora bofuma.

20Motho ya tshepehang o ruile mahlohonolo; empa ya ratang ho rua kapele a ke ke a hloka molato.

21Ho ya ka tshobotsi tsa batho hase ntho e ntle; esita ka baka la leqhetswana la bohobe motho a ka tlola molao.

22Motho ya mahlo a honohelang o phallela leruo, athe ha a tsebe hoba bofuma bo ya mo wela hodimo.

23Ya kgalemelang batho, hamorao o tla ratwa haholo ho fetisa ya ba qekisang.

24Ya utswang tsa ntatae le mmae, mme a re, hase molato, ke wa habo basenyi.

25Moya o ikgohomosang o butswela dikgang; empa ya tshepang Jehova o tla kgora.

26Ya itshepelang pelo ya hae ke lehlanya; empa ya tsamayang bohlaleng, o tla pholoha.

27Ya sitsang bafumanehi a ke ke a hloka; haele ya itutubatsang mahlo, ho tla ata dithohako ho yena.

28Ha ho phahama ba babe, eba batho ba ipata; mohla ba timelang, eba ba lokileng ba ngatafala.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help