1Jehova o moholo, o tshwanetse ho rokwa motseng wa Modimo wa rona, thabeng ya hae e halalelang.
2Thaba ya Sione e phahame ka botle, ke thabo ya lefatshe lohle; moo e hlanamelang leboya ke motse wa Morena e moholo.
3Matlung a teng a borena, Modimo o ipontshitse hoba ke qhobosheane.
4Hobane bonang, marena a ne a bokane ho futhuhela motse hammoho.
5A bona, mme a tsieleha hang; a tshoha, mme a baleha;
6yaba a tshwarwa ke thothomelo le ke matswalo a kang a mosadi ha a beleha;
7ha eba jwaloka mohla moya wa botjhabela o robakanyang dikepe tsa Tarshishe.
8Seo re neng re se boleletswe, re iponetse sona motseng wa Jehova wa makgotla, motseng wa Modimo wa rona; Modimo o o tiisitse ka ho sa feleng. (Sela.)
9Oho Modimo, re hopola mohau wa hao, ha re le tempeleng ya hao.
10Thoko ya hao, Modimo, le lebitso la hao, a di ke di tume ho isa dipheletsong tsa lefatshe! Seatla se setona sa hao se tletse ho loka.
11Thaba ya Sione a e ke e thabe, mme baradi ba Juda ba nyakalle ka baka la dikahlolo tsa hao.
12Potang Sione le marako a hae, le bale ditora tsa hae,
13le hlahlobe diqhobosheane tsa hae, le lekole matlo a borena a teng, le tle le tsebe ho bolella meloko e tlang ho tla.
14Hobane Modimo oo ke Modimo wa rona kamehla le ka ho sa feleng; o tla re tsamaisa ho isa le lefung.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.