GENESE 28 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Jakobo o balehela Paddan-Arame. — Pono ya lere.

1Isaaka a bitsa Jakobo, a mo hlohonolofatsa, a mo laela, a re ho yena: O se ke wa inkela mosadi ho baradi ba Kanana.

2Tloha, o ye Paddan-Arame, tlung ya Bethuele, ntatao moholo, o inkele mosadi teng wa baradi ba Labane, malomao.

3Modimo o matla wohle o o hlohonolofatse, o o atise, o o anafatse, o tle o fetohe letshwele la ditjhaba.

4O o nee lehlohonolo la Abrahama, wena le mofuta wa hao o o hlahlamang, o tle o rue lefatshe leo o jakileng ho lona, leo Modimo o le neileng Abrahama.

5Yaba Isaaka o fa Jakobo tsela; eo a ya Paddan-Arame, ho Labane, mora Bethuele, Moarame, kgaitsedi ya Rebeka, mmae a Jakobo le Esau.

6Yare ha Esau a bona hoba Isaaka o hlohonolofaditse Jakobo, o mo rometse Paddan-Arame hore a inkele mosadi teng, le hoba, eitse ha a mo hlohonolofatsa, o mo laetse, a re: O se ke wa inkela mosadi wa baradi ba Kanana;

7mme Jakobo a utlwile ntatae le mmae, a ile Paddan-Arame;

8yaba Esau o lemoha hoba baradi ba Kanana ba babe mahlong a Isaaka, ntatae.

9Yaba Esau o ya ho Ishmaele, a nka Mahalathe, moradi wa Ishmaele, mora Abrahama, kgaitsedi ya Nebajothe, hore e be mosadi wa hae, kantle ho basadi bao a neng a se a ena le bona.

10Haele Jakobo a tloha Beerseba, a ya Kharane.

11A fihla nqalong e nngwe, a lala teng, hobane letsatsi le ne le se le diketse. A nka lejwe le leng teng, a le sama, a robala teng.

12A lora a bona lere e emisitswe fatshe, ntlha ya yona e fihla lehodimong, a bona le mangeloi a Modimo a nyoloha, a be a theoha ho yona.

13A bona le Jehova a eme hodima yona, a re: Ke nna Jehova, Modimo wa Abrahama, ntatao, le Modimo wa Isaaka. Naha eo o robetseng ho yona, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao.

14Ditloholo tsa hao di tla ba ka ka lerole la lefatshe; o tla namela bophirimela le botjhabela, le leboya le borwa, mme mefuta kaofela ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho wena le ho mofuta wa hao.

15Bona, nna ke na le wena; ke tla o boloka hohle moo o ka yang teng, ke be ke o kgutlisetse naheng ena, hobane nke ke ka o tlohela, ke eso ho o etse seo ke o baletseng sona.

16Yaba Jakobo o phaphama borokong ba hae, a re: Kannete Jehova o teng nqalong ena, kanthe ke sa tsebe.

17A tshoha, a re: Nqalo ena e tshabeha hakakang! Mona ke ntlo ya Modimo, ke monyako wa lehodimo!

18Ka meso, Jakobo a tsoha, a nka lejwe leo a neng a le samile, a le emisa hore e be mokolokotwane, mme a tshela ole hodima lona.

19A rea nqalo eo lebitso la Bethele (ntlo ya Modimo); hobane pele, lebitso la motse oo e ne e le Luse.

20Jakobo a ana kano, a re: Ha Modimo o ka ba le nna, wa mpoloka leetong lena leo ke le tsamayang; ha o ka nna wa mpha bohobe ke tle ke je, le diaparo ke tle ke apare;

21ka ba ka kgutlela ka kgotso tlung ya ntate, Jehova e tla ba Modimo wa ka;

22lejwe lena leo ke le emisitseng mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo; mme ke tla o ntshetsa karolo ya leshome ya tsohle tseo o tlang ho nnea tsona.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help