ESEKIELE 35 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Baedomo ba porofetelwa dikahlolo.

1Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:

2Mora motho, o retelletse thaba ya Seire sefahleho sa hao, o e porofetele,

3o re ho yona: Morena Jehova o re: Bona, ke tla o futuhela, thaba ya Seire, ke tla o otlollela letsoho la ka, ke o etse lesupi le tshenyeho.

4Ke tla etsa metse ya hao dithako, mme wena o tla fetoha lefeella, o tle o tsebe hoba ke nna Jehova.

5Erekaha o ne o hloile bana ba Iseraele ka hloyo e sa feleng, wa ba wa ba neela lerumo, mohla kotlo ya bona, mohla e seng e le bofelo ba bokgopo ba bona,

6ka baka leo, ke a phela, ho bolela Morena Jehova: Ke tla tsholla madi a hao, mme madi a tla o phallela; erekaha o sa ka wa hloya madi, madi a tla o phallela.

7Ke tla etsa thaba ya Seire lefeella le nahathothe, ke kgaole ba yang teng le ba kgutlang teng.

8Ke tla tlatsa thaba tsa hae ka babolauwa ba hae. Maralleng a hao, le dikgutlong tsa hao, le melapong yohle ya hao, ho tla wela ba bolailweng ka lerumo.

9Ke tla o etsa mafeella a mehla, mme metse ya hao ha e sa tla ahuwa, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.

10Erekaha o boletse, wa re: Ditjhaba tseo tse pedi le dinaha tseo tse pedi e tla ba tsa ka, mme re tla di rua, athe Jehova o ntse a le teng;

11ha ho le jwalo, ka nna ya phelang, ho bolela Morena Jehova, ke tla etsa ka kgalefo ya hao le ka lefufa la hao, jwalokaha o ba entse ka hloyo ya hao; ke tla itsebahatsa hara bona ka kahlolo eo ke tla o ahlola ka yona;

12o tle o tsebe hoba nna, Jehova, ke utlwile dinyefolo tsohle tsa hao tseo o nyefotseng dithaba tsa Iseraele ka tsona, ha o itse: Di fetohile lefeella; di neilwe rona, hore e be dijo tsa rona.

13La ikgohomosetsa nna ka melomo ya lona, la mpokellela mantswe a lona; mme ka utlwa.

14Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Mohla lefatshe lohle le thabang, ke tla o tlisetsa tshenyeho.

15Jwalokaha o ne o thabele lefa la ntlo ya Iseraele, kamoo le neng le senyehile kateng, ke tla o etsa jwalo; o tla fetoha lefeella, wena thaba ya Seire, le Edomo kaofela ha hae; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help