1Oho Modimo, o Modimo wa ka, ke a o batla;
2moya wa ka o nyoretswe wena, nama ya ka e tsetselela wena, naheng ena e tshehla, e feelleng, e se nang metsi.
3Ke ka mokgwa o jwalo ke lebisitseng mahlo a ka ho wena sehalalelong, ke tle ke bone matla a hao le kganya ya hao;
4hobane mohau wa hao o fetisa bophelo ka monate. Melomo ya ka e a o rorisa. Ke ka mokgwa o jwalo ke tlang ho o rorisa, ha ke ntse ke phela, ke be ke emisetse matsoho a ka ho wena ka lebitso la hao.
5Moya wa ka o tla kgora jwaloka hoja ke jele moko le mafura, mme ka lentswe la nyakallo molomo wa ka o tla o roka.
6Ha ke o hopola ke sekame diphateng tsa ka, ke ntse ke nahana tsa hao ka dinako tsa bosiu.
7Hobane o thuso ya ka, mme ke hlasimoloha moriting wa mapheo a hao.
8Moya wa ka o o kgomaretse, letsoho le letona la hao le a ntshehetsa.
9Empa ba batlang bophelo ba ka, ba reng ke timele, ba tla hohlomela maleng a lefatshe.
10Ba tla neelwa lerumo, ba fetohe dijo tsa diphokojwe.
11Empa morena o tla ithabela ho Modimo; bohle ba anang ka wona ba tla nyakalla; hobane melomo ya ba bolelang mashano e tla thijwa.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.