1Yaba Bildade wa Shua o fetola, a re:
2Le tla qeta dipolelo tseo neneng? Mamelang, re ntoo bua.
3Re etswa keng diphoofolo? Re mawatla keng mahlong a lona na?
4Wena ya ikgarolang ka bohale ba hao, na lefatshe le tla fetoha lefeella ka baka la hao, mafika a suthiswe tulong tsa wona na?
5Bona, lesedi la e mobe le tla tingwa, mollo wa leifo la hae ha o sa tla hlola o hotetswa.
6Lesedi le tla fetoha lefifi tenteng ya hae, lebone la hae le hodima hae le tla tingwa.
7Mehato ya hae e tiileng e tla honyetseha, o tla dihelwa ke mano a lohilweng ke yena;
8hobane o hata letlowa ka maoto a hae, o tsamaya hodima mamena;
9sefi se mo tshwasitse serethe; letlowa le mo tlamile;
10sefi se patilwe mobung pela hae, leraba le mo lebeletse tseleng.
11Matsoso a mo tshabisa ka nqa tsohle, a mo tshosa a mo phalletse.
12Tlala e mo fedisa matla, tshenyeho e mo tshwere lehlakoreng.
13E ja letlalo la mmele wa hae; letsibolo la lefu le ja ditho tsa hae.
14O tshwarwa setshabelong sa tente ya hae, o hulelwa ho morena wa matshabeho.
15Ha ho le a mong wa bahabo ya dulang tenteng ya hae; sebabole se tsholla jwaloka pula hodima moaho wa hae.
16Tlase, metso ya hae e a oma; hodimo, makala a hae a rengwa.
17Ha a sa hopolwa lefatsheng, lebitso la hae ha le sa bolelwa mapatlelong.
18O lelekwa leseding, a ye lefifing; o tloswa lefatsheng.
19Ha a siye mora leha e le setloholo hara setjhaba sa hae, meahong ya hae ho hlokahala mosiuwa ya tswang ho yena.
20Meloko e tlang e tla tsota tshenyeho ya hae, mme meloko wa jwale o tla tshwarwa ke ho thothomela.
21Meaho ya molotsana e jwalo feela, ho jwalo le bodulo ba ya sa tsebeng Modimo.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.