JOBO 20 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Phetolo ya bobedi ya Tsofare.

1Yaba Tsofare wa Naama o fetola, a re:

2Mehopolo ya ka, bakeng sena, e tla mponela phetolo, le hona ke sitwa ho itshwara maikutlong a ka.

3Ke utlwile dikgalemelo tse ntlhabisang dihlong, empa kelello ya ka e nnea karabo.

4Na ha o tsebe hoba, esale kgalekgale, haesale motho a bewa lefatsheng,

5thabo ya molotsana e fela kapele, le ho nyakalla ha ya kgopo e le ha motsotso o le mong feela?

6Le hoja a ka hola ho isa lehodimong, hlooho ya hae ya fihla marung,

7leha ho le jwalo, o tla fela jwaloka lethete la hae, ka ho sa feleng; ba mmoneng ba tla re: O kae?

8O tla feta jwaloka toro, mme a ke ke a hlola a fumanwa; a timele jwaloka pono ya bosiu.

9Le mahlo a kileng a mmona, ha a sa tla hlola a mmona; ditulo tsa hae ha di sa tla boela di mmone.

10Bara ba hae ba tla kgathatswa ke mafutsana, matsoho a hae a tla tshwanela ho busetsa leruo la hae.

11Masapo a hae a tletse matla a botjha, athe jwale a tla robala le yena leroleng.

12Leha bolotsana bo ne bo le monate molomong wa hae, mme a bo patile katlasa leleme la hae,

13a bo bolokile, a hanne ka bona, a bo bolokile mahalapeng a hae,

14dijo tseo di tla fetoha maleng a hae, e be mahloko a marabe kahare ho yena.

15O metsitse menono, mme jwale o tshwanetse ho e hlatsa; Modimo o ya e ntsha mpeng ya hae.

16O antse mahloko a marabe, mme leleme la qowane le tla mmolaya.

17Mahlo a hae ha a sa tla thabela melatswana, leha e le melapo, leha e le dinokana tsa dinotshi le lebese.

18O tla busetsa ditlatlapilweng tsa hae, a ke ke a di rua. O tla busetsa tse lekanang le tseo a di tlatlapileng, mme ha a sa tla di thabela.

19Hobane o tubile basenyehi, o ba lahlile; mme leha a sentse matlo ka mano, ha a ka ke a a tsosa.

20Erekaha a sa tsebe ho kgolwa kateng ho yena, o tla sitwa ho pholosa seo a se ratang.

21Ha ho letho le phonyohang meharong ya hae; ka baka leo, boiketlo ba hae bo ke ke ba tiya.

22O tla hloka, leha maruo a hae a mo atetse haholo; matsoho a ba tujwang a tla mo wela hodimo.

23Modimo ke wona o tlang ho kgorisa mpa ya hae, o tla mo otla ka tjheso ya kgalefo ya wona, o e nese hodima nama ya hae.

24Leha a ka balehela sebetsa sa tshepe, seqha sa koporo se tla mo hlaba.

25O ya ntsha motsu mmeleng wa hae, tshepe e hadimang e tswe nyokong ya hae; o fedile o tshwerwe ke botshabeho ba lefu.

26Lefifi le tshabehang e tla be letlotlo la hae; mollo o sa butswelwang ke motho o tla mo tjhesa, o fedise se setseng ka tenteng ya hae.

27Lehodimo le tla senola bokgopo ba hae, mme lefatshe le tla tsoha ho mo qosa.

28Maruo a ntlo ya hae a tla timela, a tla feta ka letsatsi la kgalefo ya Modimo.

29Ke yona kabelo ya molotsana e tswang ho Modimo, le lefa le beetsweng yena ke Modimo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help