II MARENA 4 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Mehlolo ya Elisha. — Ole ya mosadi wa mohlolohadi. — Mora mosadi wa Shuneme. — Lefu le ka pitseng. — Mahobe a harese. — Molepera Naamane. — Gehasi o otlwa ka lepera. — Selepe sa mohlankana wa moporofeta. — Basiria ba otlwa ka bofufu. — Thibello ya motse wa Samaria le tlala ya teng. — Twelo ya Samaria. — Tlala ya lemo tse supileng. — Ho kgutlwa ha mosadi wa Shuneme. — Hasaele o iketsa morena wa Siria.

1Yaba mosadi e mong, wa basadi ba bara ba baporofeta, o lla ho Elisha, a re: Mohlanka wa hao, monna wa ka, o timetse; o a tseba hobane mohlanka wa hao o ne a tshaba Jehova; jwale monna eo re leng molato ho yena o tlile ho nka bara ba ka ba babedi, hore a ba etse bafo.

2Elisha a re ho yena: Ke tla o etsetsang na? Ntsebise, o na le eng ka tlung na? A re: Lekgabunyane la hao ha le na letho ka tlung haese pitsa ya ole.

3A re: Eya, o adime dipitsa ho bao o ahisaneng le bona, e be dipitsa tse feela, o adime, e seng di se kae.

4O tla kena ha hao, o ikwalle ka lemati hammoho le bara ba hao, o qhatsetse dipitseng tsena tsohle, o bee tse tletseng kathoko.

5Yaba o tloha ho yena, a ikwalla ka lemati le bara ba hae; ba mo tlisetsa dipitsa, mme yena a qhatsetsa ho tsona.

6Hobane dipitsa di tlale, a re ho mora hae: Ntlisetse pitsa e nngwe hape; empa a re ho yena: Ha ho sa le pitsa. Yaba ole e a kgaotsa.

7Yaba o a tla, a tsebisa monna wa Modimo; yena a re: Reka tjhelete ka ole, o lefe molato wa hao, mme o phele le bara ba hao ka ho tla sala.

8Mohlomong, Elisha a ya le Shuneme; ha bo ho le mosadi wa mofumahadi teng, a mo phehella ho ja bohobe. Enere ha a ntse a feta le teng, o ne a fapohela ha hae ho ja bohobe.

9A re ho monna wa hae: Bona, ke a tseba hobane enwa ya fapohelang ha rona kamehla ke monna ya halalelang wa Modimo.

10A re mo etsetse kamore e nyenyane hodima lerako, re mmeele malao teng le tafole le setulo le lebone; mme enore ha a etla ha rona, o tla fapohela teng,

11Mohlomong, a tla le teng, a fapohela kamoreng, a robala teng.

12A re ho Gehasi, mohlanka wa hae: Bitsa mosadi eo wa Shuneme. A mmitsa; a tla, a ema pela hae.

13Elisha a re ho Gehasi: Mmolelle hle, o re: Bona, o re babaletse ka paballo e kgolo; o ka etsetswang? Kapa o rata ho rapellwa pela morena, leha e le pela molaodi wa makgotla na? Yena a re: Tjhe, ke dutse setjhabeng sa heso.

14Elisha a re: A ka etsetswang? Gehasi a re: Empa seo a se hlokang ke mora, hape monna wa hae o se a tsofetse.

15A re: Ako mmitse. A mmitsa, a tla, a ema monyako.

16Yaba o re ho yena: Isao, ha ho le jwale, o tla aka mora. A re: Oho, monna wa Modimo, monga ka, o se ke wa thetsa lekgabunyane la hao.

17Mosadi eo a emola, a tswala moshanyana, ka nako eo Elisha a mmoleletseng yona. Mme ngwana a hola.

18Eitse ka mohlomong, a tswela ho ntatae, ho bakotudi.

19Teng a re ho ntatae: Jo! hlooho ya ka! hlooho ya ka! Yena a re ho mohlankana e mong: Mo ise ho mmae.

20Yaba o mo pepa, a mo isa ho mmae; mmae a mo fara mangoleng a hae, ya ba ya eba motshehare; yaba o a shwa.

21Ebile mmae o nyoloha, a mo robatsa malaong a monna wa Modimo, a mo kwalla ka lemati, a tswa.

22A ntoo bitsa monna wa hae, a re: Nthomele e mong wa bahlankana le esele e nngwe, ke tle ke phallele ho monna wa Modimo, ke ntoo boya.

23Yena a re: O latang ho yena kajeno? Hase kgwedi e ntjha, leha e le Sabatha. A re: Ke kgotso.

24Jwale a qhaneha esele, a re ho mohlankana wa hae: E hule, o tsamaye; o se ke wa ntiehisa ha ke kaletse, haese ha ke o bolella.

25A tloha jwalo, a fihlela monna wa Modimo thabeng ya Karmele.

26Monna wa Modimo, ha a mmona a sa le hole, a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: Bona, mosadi wa Shuneme ke yane. Titima, o mo kgahlanyetse, o re ho yena: Hleka o sa dutse hantle, le monna wa hao o sa dutse hantle, le ngwana o sa dutse hantle na? A re: Re dutse hantle.

27Yare ha a fihla ho monna wa Modimo, thabeng, a mo tshwara ka maoto. Gehasi a mpa a mo atamela ho mo suthisa; empa monna wa Modimo a re: Mo tlohele, hobane pelo ya hae e bohloko, mme Jehova o mpatetse, ha a ka a ntsebisa.

28Yaba mosadi o re: Hleka ke ne ke kopile mora ho monga ka na? Ana ha ke a ka ka re, o se ke wa nthetsa na?

29Yaba Elisha o re ho Gehasi: Itlame letheka, o nke lere la ka ka letsoho la hao, o tsamaye; etlere ha o kgahlana le motho, o se ke wa mo dumedisa; ha motho a o dumedisa, o se ke wa mo araba; o bee lere la ka hodima sefahleho sa ngwana.

30Mma ngwana a re: Ka Jehova ya utlwang le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o siya. Yaba o ema, a mo sala morao.

31Haele Gehasi, a ya pele ho bona, a bea lere hodima sefahleho sa ngwana; empa ha ho a ka ha eba lentswe, leha e le kutlo. A ba a kgutla, a kgahlanyetsa Elisha, a mo tsebisa, a re: Ngwana ha a tsoha.

32Elisha a kena ka tlung, a bona ngwana a shwele, a robaditswe malaong a hae.

33A kena, a ikwalla le yena ba babedi ka lemati, a rapela Jehova.

34A ntoo nyoloha, a paqama hodima ngwana, a bea molomo wa hae molomong wa hae, le mahlo a hae mahlong a hae, le diatla tsa hae diatleng tsa hae, a ikotlolla hodima hae, mme nama ya ngwana ya futhumala.

35A nna a tloha, a itsamaela ka tlung, a boela a nyoloha, a ikotlolla hodima hae; jwale ngwana a ethimola hasupa, mme ngwana a tutubolla mahlo a hae.

36Elisha a bitsa Gehasi, a re: Bitsa mosadi eo wa Shuneme. A mmitsa, mme ha a kena ho yena, Elisha a re: Nka mora wa hao.

37A kena a itihela maotong a hae, a inama fatshe; a ba a nka mora hae, a tswa.

38Yaba Elisha o boela Gilgale; tlala e ne e wele naheng, mme bara ba baporofeta ba tla, ba dula pela hae. A re ho mohlankana wa hae: Hlatleha ka pitsa eo e kgolo, o apehele bara ba baporofeta moroho.

39E mong a tswela naheng ho kga moroho; a fumana maraka a naheng, a kga ditholwana tsa wona, a di phutha, a tla, a di petsolela pitseng ya meroho, ba mpa ba sa di tsebe.

40Jwale, ba tsholela banna, ba re, ba je; yare ha ba eja meroho, ba howeletsa, ba re: Oho, monna wa Modimo, lefu le ka pitseng. Ba sitwa ho ja.

41Yena a re: Tlisang phofo; mme a e faha pitseng, a ntoo re: Tsholelang batho bana, ba tle ba je. Mme ho bo ho se letho le lebe ka pitseng.

42Yaba ho tla monna wa Baale-Shalisha, a tlisetsa monna wa Modimo bohobe ba dithakangwaha, e le mahobe a mashome a mabedi a harese, le diqwapi tse tala mokotleng wa hae. Elisha a re: Beela batho bana, ba tle ba je.

43Empa mohlanka wa hae a re: Nka di beela batho ba lekgolo jwang? Yena a re: Bea pela batho bana, ba tle ba je, hobane ho itswe ke Jehova: Ba tla ja, ba be ba siye.

44A bea pela bona, mme ba eja, ba ba ba siya, ka polelo ya Jehova.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help