ESAIA 15 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Bamoabe ba porofetelwa dikahlolo.

1Boporofeta hodima Moabe: Are-Moabe o patetswe bosiu; o fedile;

2Kire-Moabe o patetswe bosiu; o fedile. Batho ba teng ba nyolohela tempeleng le Dibone, nqalong tse diphahameng, ho ya lla teng; Bamoabe ba llela Nebo le Medeba, mangetse kaofela a kutilwe, le ditedu di beotswe.

3Mapatlelong ho ikapesitswe ka masela a mahwashe; hodima matlo le diterateng ke dillo le diboko feela.

4Metse ya Heshbone le Eleale e a howa, mantswe a yona a utlwahetse ho isa Jahatse; le bona bahale ba Moabe ba phahamisa mantswe a bona, dipelo tsa bona kaofela di a tepella.

5Pelo ya ka e lla hodima Moabe; ba phonyohileng ba balehetse Tsoware le Eglathe-Shelishia; hobane ba nyoloha ka moepa wa Luhithe ka dillo; diboko tsa tshenyeho ya bona di duma tseleng ya Horonaime.

6Metsi a Nimrime a sentswe, hobane hlaha e omeletse, jwang bo fedile teng, botala ha bo sa le yo.

7Ka baka leo, ho setseng ho bona le tseo ba di bolokileng, ba di isitse mose wane wa molatswana wa meduwane.

8Hobane mekgosi e potile naha ya Moabe; mehoo ya teng e utlwahala Eglaime, dillo di fihlile Beer-Elime.

9Metsi a Dimone a tletse madi, hobane ke tla eketsa kotlo ya Dimone, ke ho re, tau e tlang ho bolaya ba phonyohileng ba Moabe le ba setseng naheng ya teng.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help