DIPESALEME 55 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Thapelo ya motho ya ekilweng ke metswalle ya hae.Ho monga baphokodi. Sefela sa Davida, se tle se binwe ka tse tidinngwang.

1Oho Modimo, o sekehele thapelo ya ka tsebe, o se ke wa furalla dithapedisiso tsa ka;

2o nkutlwe, mme o nkarabe! Ke timeletswe, ke sisa pelo, ke a dumaduma,

3ha ke utlwa lentswe la sera, ke le katlasa botubo ba molotsana; hobane ba ntshela ka bobe, ba ntlhorisa ka bohale.

4Pelo ya ka e thothomela kahare ho nna, matshabeho a lefu a ntshwere.

5Tshabo le thothomelo di nkeneletse, tshoho e nkimetse.

6Ka re: Ke mang ya ka mphang mapheo a jwaloka a leebakgorwana,

7ka iphofela, ka ya aha phomolong. Ke be ke ya balehela hole, ke hlome ntlo feelleng; (Sela.)

8ke phakise ke fumane lehaha le mpolokang moyeng le sefefong.

9A ba ke ba fele, Morena; o sitise dipuo tsa bona; hobane ke bone sehloho le diphapang motseng.

10Di potoloha marakong a wona motshehare le bosiu; bokgopo bo dutse hara wona le bomadimabe;

11tshenyeho e ikaheletse teng, botubo le thetso ha di suthe mapatlelong a wona.

12Bonang, hola ke sera se nnyedisang, nka be ke mamella; hola ya ntlhoyang ke yena ya ntsohelang matla, nka be ke ipatela yena;

13empa ke wena, monna eo o leng mokana e motswalle wa ka;

14wena motshepuwa eo re neng re buisana le wena hamonate, eo re neng re ya le wena ka tlung ya Modimo re ena le setjhaba!

15Lefu a le ke le ba tshware sehloho, ba tle ba theohele nqalong ya bafu ba sa utlwa! hobane bolotsana bo matlung a bona, bo mahareng a bona.

16Haele nna, ke ntse ke howeletsa ho Modimo, mme Jehova o tla mpoloka.

17Mantsiboya, le hosasa, le motshehare, ke ntse ke dumaela, ke sisa pelo, mme o tla utlwa lentswe la ka.

18O tla ntlosa ke pholohile ntweng ena ba ntwantshang ka yona, leha ba ntwantshang ba le bangata.

19Modimo o tla nkutlwa, o ba kokobetse, batho bao ba sa bakeng, ba sa tshabeng Modimo, kanthe o dutse teroneng ya wona kamehla le mehla. (Sela.)

20Ba ntsha matsoho a bona ho tshwara ba dutseng ka kgotso le bona, ba roba selekane sa bona.

21Puo tsa bona di bonolo jwaloka sereledi, empa pelo tsa bona di rata ntwa feela; mantswe a bona a fetisa ole ka monate, empa ke marumo a tsomotsweng.

22Jarisa Jehova phahlo tsa hao, mme o tla o tshehetsa; a ke ke a dumela hore ya lokileng a nne a sisinngwe.

23Hobane wena, Modimo, o tla ba dihela tlasetlase sehokong; batho bao ba madi, ba tletseng mano, ba ke ke ba phela ho fihlela lehare la matsatsi a bona. Empa nna, ke beile tshepo ya ka ho wena.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help