1Jehova, o se ke wa ntaya bohaleng ba hao, o se ke wa nkotla kgalefong ya hao!
2O nkgauhele, Jehova, hobane ke a idibana; o mphodise, Jehova, hobane masapo a ka a thothomela;
3moya wa ka o tshaba haholo; empa wena, Jehova, o isa kae? ...
4Kgutla, Jehova, o lokolle moya wa ka; o mpoloke ka baka la mohau wa hao.
5Hobane lefung ha o sa hopolwa; ke mang ya ka o rorisang nqalong ya bafu?
6Ke fela ke masisapelo; ka bosiu bo bong le bo bong, ke kolobisa diphate tsa ka ka meokgo, ke thoposetsa ditao tsa ka ka yona.
7Mahlo a ka a fela ke mahlomola, a monyela ka baka la bohle ba ntlhorisang.
8Suthelang hole le nna, lona kaofela ba sebetsang bolotsana; hobane Jehova o utlwile lentswe la dillo tsa ka.
9Jehova o utlwile ho kopa ha ka; Jehova o amohetse thapelo ya ka.
10Dira tsa ka kaofela di tla swaba, di tshwarwe ke thothomelo e kgolo; di tla sutha, di be di tsielehe hang.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.