GENESE 38 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Juda le Tamare.

1Ya na ya re mehleng eo, Juda a tloha ho banababo, a fapohela ha monna wa Adullame, ya bitswang Hira.

2Juda a bona teng moradi wa motho wa Kanana, ya bitswang Shua; a mo nyala, a tla ho yena.

3A emola, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Ere.

4A boela a emola, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Onane.

5A boela a tswala mora hape, a mo rea lebitso la Shela. Juda o ne a le Kesibe, ha eo a tswalwa.

6Juda a nkela Ere, mora wa hae wa letsibolo, mosadi, lebitso la hae e le Tamare.

7Ere, mora wa letsibolo wa Juda, e ne e le motho e mobe mahlong a Jehova, mme Jehova a mmolaya.

8Yaba Juda o re ho Onane: Eya ho mosadi wa moholwane wa hao, o mo kenele, kaha o le ngwanabo monna wa hae, o tsosetse moholwane wa hao leloko.

9Empa Onane, ka ho tseba hobane bana e ke ke ya eba ba hae, e ne e re ha a eya ho mosadi wa moholwane wa hae, o ne a ithusetsa fatshe, a tle a se ke a fa moholwane bana.

10Seo a neng a se etsa, sa eba sebe mahlong a Jehova, mme a mmolaya le yena.

11Yaba Juda o re ho Tamare, ngwetsi ya hae: Kgutlela tlung ya ntatao o le mohlolohadi, ho fihlela Shela, moraka, a hola. Hobane o ne a re, esere mohlomong le yena a shwa jwaloka banababo. Yaba Tamare o a tsamaya, a boela tlung ya ntatae.

12Ha isaisa ditshiu tse ngata, mme mohatsa Juda, moradi wa Shua, a shwa; eitse ha Juda a tshedisehile, a nyoloha ho ya Thimna ho bakuti ba dinku tsa hae, yena le molekane wa hae Hira, wa Adullame.

13Tamare a bolellwa, ha thwe: Bona, matsalao o nyolohetse Thimna ho kuta dinku tsa hae.

14Yaba o hlobola diaparo tsa hae tsa bohlolohadi, a ikapesa ka lesira, a ipopa, a ye dula kgorong ya Enaime, e tseleng ya Thimna; hobane o ne a bona hoba Shela o hodile, a mpa a sa mo newe hore e be mosadi wa hae.

15Juda a mmona, a re ekaba ke seotswa, hobane a ne a ipatile sefahleho.

16A fapohela ho yena tseleng, a re: Ako ntumelle hore ke tle ho wena. Kanthe ha a tsebe hoba ke ngwetsi ya hae. Yaba o re: O tla nneang, ha o ka tla ho nna?

17A re: Ke tla o romela phorohlwana ya podi ya mohlape wa ka. A re: Ke ha o ka nnea tebeletso ho fihlela o ba o e romela.

18A re: Ke o nee tebeletso efe? A re: Lesale la tiiso la hao, le leqhwele la hao, le lere le letsohong la hao. Yaba o a mo nea, a yo ho yena; mosadi a emodiswa ke yena.

19A tloha a ikela, a rola lesira leo a neng a le rwetse, a apara diaparo tsa bohlolohadi.

20Juda a romela potsanyane ka letsoho la Hira, wa Adullame, molekane wa hae, ho tla lata tebeletso e diatleng tsa mosadi, empa a se ka a mmona.

21Yaba o botsa batho ba motse, a re: Se kae seotswa se neng se le Enaime, pela mmila? Ba re: Ha ho a ka ha eba seotswa mona.

22Yaba o kgutlela ho Juda, a re: Ha ke a ka ka mo fumana, mme banna ba motse ba bile ba mpolella, ba re: Ha ho seotswa mona.

23Juda a re: A ipolokele, esere mohlomong re ka hlabiswa dihlong; kanthe potsanyane eo ke e rometse, mme ha o a ka wa mo fumana.

24Kamora tseo, ha kgwedi di batla ho ba tharo, Juda a tsebiswa, ha thwe: Tamare, ngwetsi ya hao, o febile, o bile o emodisitswe ke bofebe ba hae. Juda a re: Mo ntsheng, a tjheswe!

25Eitse ha ba re ba mo ntsha, a romela ho matsalae, a re: Ke emodisitswe ke monna eo ntho tsena e leng tsa hae; mme a re: Ako tsebe hore na tsena ke tsa mang; lesale la tiiso, le leqhwele, le lere?

26Juda a di tseba, mme a re: O lokile ho fetisa nna, hobane ha ke a ka ka mo nea Shela, moraka. Yaba ha a sa pheta ho ya ho yena.

27Ha a itshihlolla, a tshoha e le mafahla ka mpeng ho yena.

28Yare ha a se a le pelehing, ngwana e mong a hlahisa seatla, mme mmelehisi a se nka, a se tlamella ka tshwele e kgubedu, ka ho re: Enwa ke ya tswileng pele.

29Eitse ha a honyetsa letsoho la hae, ngwanabo a hlaha: yaba mmelehisi o re: O a monyoha jwang? Monyoho ke wa hao. A mo rea lebitso la Peretse (monyoho).

30Kamorao ha hlaha ngwanabo, ya rwetseng tshwele e kgubedu letsohong la hae, mme a mo rea lebitso la Sera (ho benya).

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help