1Lehlanya le itse pelong ya lona: Modimo ha o yo. Ba bodile, mesebetsi ya bona e manyala; ha ho ya etsang hantle.
2Jehova o tadimile bara ba batho, a le lehodimong, a tle a bone hoba na o teng ya nang le kutlwisiso, ya batlang Modimo.
3Bohle ba kgelohile, ba itshentse hammoho; ha ho ya etsang hantle, leha a le mong.
4Na bakgopo bao kaofela ba hloka tsebo keng? Ba ja setjhaba sa ka jwalokaha ho jewa bohobe. Ha ba rapele Jehova.
5Ba tla nne ba tshwarwe ke tshoho e mpe, etswe Modimo o le hara moloko wa ba lokileng.
6Tshwepholang ditaba tsa ya madimabe! ... Jehova ke setshabelo sa hae.
7Hola poloko e ka tlela Iseraele, e etswa Sione! ... Mohla Jehova a kgutlisang setjhaba sa hae se holehilweng, Jakobo o tla thaba, Iseraele a nyakalle!
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.