1Eitse ha Jesu a qetile ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha moo ho ya ruta le ho bolela Evangeli metseng ya naha eo.
Johanne Mokolobetsi o romela ho Jesu. — Jesu o paka tsa Johanne.2Johanne ha a le teronkong, a utlwa mesebetsi ya Kreste; yaba o romela barutuwa ba hae ba babedi ho Jesu,
3a re ho yena: Ana ke wena ya boletsweng, ha thwe, o tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?
4Jesu a araba, a re ho bona: Eyang, le tsebise Johanne tseo le di utlwang, le tseo le di bonang:
5Difofu di a bona, dihlotsa li a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.
6Ho lehlohonolo ya sa tlo ka a kgoptjwa ho nna.
7Bao ha ba tlohile, Jesu a qala ho bolella bongata tsa Johanne, a re: Le ne le ile ho bonang felleng? Na e ne e le lehlaka le tsukutlwang ke moya na?
8Le mpa le ne le ile ho bonang na? Na e ne e le motho ya apereng kobo tse bonolo na? Bonang, ba apereng tse bonolo ba matlung a marena.
9Ana le ne le ile ho bonang? A e ne e le moporofeta na? E, ke rialo ho lona, ya fetisang le moporofeta.
10Hobane ke yena ya bolelwang moo ho ngodilweng, ho thwe: Bona, ke roma pela sefahleho sa hao lenqosa la ka le tlang ho o lokisetsa tsela.
11Ke re ho lona: Kannete, hara ba tswetsweng ke basadi, ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane mmusong wa mahodimo o moholo ho yena.
12Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi, ho fihlela jwale, mmuso wa mahodimo o kenwa ka matla, mme ba bohale ba o hapa.
13Hobane baporofeta bohle le molao ba porofetile, ha ba ha fihla Johanne.
14Mme ha le rata ho amohela polelo ya ka, ke yena Elia ya neng a tshwanetse ho tla.
15Ya nang le ditsebe ho utlwa u utlwe.
16Empa moloko wona na ke tla o tshwantsha kang? O jwaloka bana ba dutseng mapatlelong, ba howanang le thaka tsa bona,
17ba re: Re le teetse phala, mme ha le a ka la etsa tjhao; re le binetse mahlomola, mme ha le a ka la lla.
18Hobane Johanne o tlile a sa je, a sa nwe, mme ba re: O na le motemona.
19Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme ba re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, molekane wa balekgetho le wa baetsadibe; empa bohlale bo ipaketse ke bana ba jona.
Jesu o omanya metse e sa bakang.20Mohlang oo, Jesu a qala ho omanya metse eo a entseng mehlolo e mengata ho yona, kahobane e sa ka ya baka, a re:
21Ho madimabe wena, Korasine! ho madimabe wena, Bethsaida! hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Tire le Sidone, metse eo e ka be e bakile kgale, ka masela a mahwashe le ka molora.
22Ka baka leo, ke re ho lona: Kotlo ya Tire le ya Sidone e tla ba tjhatsi ho ya lona ka tsatsi la kahlolo.
23Le wena Kapernauma, ya phahamiseditsweng lehodimong, o tla kokobeletswa nqalong ya bafu; hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Sodoma, motse oo o ka be o sa le teng le kajeno.
24Ka baka leo, ke re ho wena: Kotlo ya lefatshe la Sodoma e tla ba tjhatsi ho ya hao ka tsatsi la kahlolo.
Tse senoletsweng bana.25Nakong eo, Jesu a bua, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba masene, mme o di kwaholletse ba banyenyane.
26E, Ntate, ho jwalo, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng.
27Ntho tsohle di beilwe ho nna ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; hape, ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo kwahollela yena.
Jesu o bitsa ba kgathetseng.28Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imelwang, mme ke tla le imolla!
29Inkeleng joko ya ka, mme le ithute ho nna; hobane ke mosa le pelo e nolo, mme le tla fumanela meya ya lona phomolo.
30Hobane joko ya ka e tjhatsi, le phahlo ya ka ha e na boima.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.