DIPROVERBIA 15 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Karabo e bonolo e thethefatsa bohale empa polelo e hlabang ea bo leotsa.

2Molomo wa ya bohlale o hlahisa tsebo hamonate; empa molomo wa mawatla o kolla bohlanya.

3Mahlo a Jehova a dinqalong tsohle, a qamaka ba babe le ba batle.

4Molomo o motle ke sefate sa bophelo; haele o kgopo, o sohlokanya moya.

5Lehlanya le nyedisa thuto ya ntata lona, empa ya mamelang tayo o a hlalefa.

6Ka tlung ya motho ya lokileng ho na le matlotlo; empa leruo la e mobe lona ke pelaelo.

7Melomo ya motho ya hlalefileng e tlatsanya tsebo; empa pelo ya mawatla e tumisa se sa lokang.

8Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke thapelo ya motho ya lokileng.

9Tsela ya e mobe ke manyala ho Jehova; empa o rata ya phehellang ho loka.

10Tayo e bohloko ho ya kgelohileng tsela, mme ya e hloileng o tla timela.

11Nqalo ya bafu le sehoko di pontsheng ho Jehova; haholo jwalo dipelo tsa batho.

12Monyefodi ha a rate ya mo kgalemelang; ha a kopane le ba bohlale.

13Pelo e thabileng e edisa sefahleho; empa moya o kgathala ke bohloko ba pelo.

14Pelo ya motho ya masene e sela tsebo; empa molomo wa mawatla o ikgorisa bosawana.

15Ho motho ya hlomohileng matsatsi a ba mabe kaofela; empa pelo e tshweu ke mokete wa kamehla.

16Leruonyana le lenyenyane la ya tshabang Jehova le fetisa maruo a maholo a nang le dipelaelo.

17Ho ja meroho feela moo lerato le leng teng, ho monate ho ena le ho ja kgomo e nonneng, moo ho nang le hloyano.

18Motho ya bohale o hotetsa phapang; empa ya diehang ho hlonama o tima dikomang.

19Tsela ya sekgoba ke lekgwakgwa la meutlwa; empa tsela ya ba lokileng ke mmila o latsehileng.

20Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae; empa ngwana ya lehlanya o nyedisa mmae.

21Bohlanya ke thabo ho ya se nang kelello; empa motho ya temoho o tsamaya ka ho sasamala.

22Moo ho eletsana ho leng siyo, merero e a qhalana, empa e tiya ke ho rerisana ha ba bangata.

23Motho o hlahisetswa thabo ke ho araba ha molomo wa hae; polelo, ha e boletswe ka ho tshwaneleha, e monate hakakang!

24Ho ya masene tsela ya bophelo e nyolosetsa hodimo, e mo phemisa nqalo ya bafu e katlase.

25Jehova o ripitla ntlo ya baikgohomosi; empa o tiisa mekolokotwane ya tshimo ya mosadi wa mohlolohadi.

26Mehopolo ya moetsadibe e manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke dipuo tsa ba pelo di hlwekileng.

27Ya ineelang leruo le sa lokang o sotofatsa ntlo ya hae; haele ya hloileng dimpho tse hokang, o tla phela.

28Pelo ya motho ya lokileng e nahana karabo; empa molomo wa e mobe o kolla tse mpe.

29Jehova o hole le ba babe; empa o utlwa merapelo ya ba lokileng.

30Ho ela ha mahlo ho thabisa pelo, ho behelwa tse monate ho nontsha masapo.

31Tsebe e mamelang tayo e pholosang, e tla dula hara bahlalefi.

32Ya hanang tayo o nyedisa moya wa hae; empa ya mamelang kgalemelo o rua bohlale.

33Ho tshaba Jehova ke thuto ya bohlale, mme boikokobetso bo etella kganya pele.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help