EKSODA 31 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Ho kgethwa basebetsi ba tabernakele. — Letsatsi la sabbatha ha le hopotswa. — Matlapa a melao.

1Jehova a bolella Moshe, a re: Bona, ke bitsitse Betsaleele, mora Uri, mora Hure, wa leloko la Juda, ka lebitso la hae,

3ke mo tlatsitse ka moya wa Modimo, ka bohlale, ka kutlwisiso, ka tsebo, hore a tle a tsebe ho etsa mesebetsi ya mefutafuta,

4leha e le ho qapa e meng, ho sebetsa kgauta, le silefera, le koporo,

5le ho betla mahakwe a kenngwang dikoomaneng le ho betla difate, le ho etsa mesebetsi ya mefutafuta.

6Bona, ke beile le Oholiabe, mora Akisamake, wa leloko la Dane; hape ke kentse bohlale pelong tsa batho bohle ba masene, hore ba sebetse tsohle tsee ke o laetseng tsona;

7ke ho re tente ya pokano, le areka ya bopaki, le sekwahelo se bewang hodima yona, le mesebetsi yohle ya tabernakele;

8le tafole le mesebetsi ya yona, le kandelare e hlwekileng le mesebetsi yohle ya yona, le aletare ya dibano;

9le aletare ya ditjheso le mesebetsi yohle ya yona, le morifi le sedulwana sa wona;

10le diaparo tsa tshebeletso, le diaparo tse kgethehileng tsa Aarone moprista, le diaparo tsa bara ba hae tsa ho etsa mosebetsi wa boprista;

11le ole ya setlolo, le dibano tse monko o monate tsa sehalalelo. Ba tla sebetsa tsohle tseo ke o laetseng tsona.

12Hape, Jehova a bolella Moshe a re:

13Ako bue le bana ba Iseraele, o re: Le fele le boloke Disabatha tsa ka, hobane ke pontsho mahareng a ka le lona, melokong ya lona, e le hore le tsebe hoba ke nna Jehova ya le kgethileng.

14Le boloke tsatsi la Sabatha, hobane, ho lona e tla ba le kgethehileng; ya le hlomphollang a bolawe; hobane ekare ha e mong a ka etsa mosebetsi tsatsing leo, motho eo a ke a kgaolwe tjhabeng sa habo.

15Ka matsatsi a tsheletseng ho tla sebetswa, mme la bosupa e tla ba la Sabatha, la phomolo e kgethetsweng Jehova; mang le mang ya ka etsang mosebetsi ka tsatsi la Sabatha, a bolawe.

16Bana ba Iseraele ba tla boloka la Sabatha, hore ba boloke Sabatha melokong ya bona, e be selekane sa kamehla.

17Ke pontsho ya kamehla mahareng a ka le bana ba Iseraele; hobane ka matsatsi a tsheletseng, Jehova o entse mahodimo le lefatshe, mme ka la bosupa o phomotse, a kgatholoha.

18Eitse hobane Modimo o qetelle ho bua le Moshe, thabeng ya Sinai, wa mo nea matlapa a mabedi a bopaki, matlapa a majwe a ngodilweng ka monwana wa Modimo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help