ESEKIELE 15 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Baahi ba Jerusalema ba tshwantshwa ka sefate sa morara.

1Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:

2Mora motho, sefate sa morara se feta difate tsohle tse ding kang, ke bolela lekala la morara le medileng hara difate tsa moru?

3Na ho tla nkwa lehong ho wona morara ho etsa mosebetsi ka lona na? Kapa, na motho o tla nka thakgisa ho wona ho fanyeha ntho efe kapa efe ho yona?

4Bonang, morara o ye o akgelwe mollong e le patsi; mollo o tjhese dintlha tse pedi tsa wona, bohareng ho fuswe. Na lehong leo le loketse mosebetsi na?

5O ka bona, ha esita leha le ne le sa le kaofela ha lona, ho ne ho ke ke ha sebetswa mosebetsi ofe kapa ofe ka lona, haholo jwale, ha mollo o se o le fedisitse, le bile le tlabohile, ho ka sebetswa mosebetsi ofe ka lona?

6Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Jwalokaha sefate sa morara se le hara difate tse morung, seo ke se akgelang mollong ho ba patsi, ke entse jwalo ka ba ahileng Jerusalema.

7Ke tla ba tonela mahlo; ba tla tswa mollong o mong, mme o mong mollo o tla ba fedisa, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova, ha ba mpona ke ba tonetse mahlo.

8Haele lefatshe, ke tla le senya, hobane ba entse bolotsana; ho rialo Morena Jehova.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help