ESEKIELE 2 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1A re ho nna: mora motho, ema ka maoto a hao, ke tle ke bue le wena.

2A re a sa bua le nna, moya wa kena ka ho nna, mme wa nkemisa ka maoto a ka, mme ka mamela ya buang le nna.

3A re ho nna: Mora motho, ke o romela ho bana ba Iseraele, tjhaba tseo tse manganga, tse ikgantsheditseng nna; bona le bontata bona ba ikgantsheditse nna ho tla fihla tsatsing lona lena.

4Ke bana ba thatafaditseng difahleho, ba sataladitseng dipelo; ke o romela ho bona. Ere ho bona: Morena Jehova o a bua.

5Leha ba ka mamela, kapa ho seng jwalo, etswe e le ntlo ya bahanyetsi, ba tla tseba hoba moporofeta o teng hara bona.

6Haele wena, mora motho, o se ke wa ba tshaba, o se ke wa tshoha mantswe a bona, leha bona ho wena e le bobatsi le meutlwa, mme o ahile le diphepheng. Se tshohe mantswe a bona, o se ke wa tepella ka baka la bona, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.

7O mpe o ba bolelle mantswe a ka, leha ba ka mamela, leha ho se jwalo, etswe e le bahanyetsi.

8Haele wena, mora motho, mamela seo ke o bolellang sona! O se ke wa hana, jwalokaha ho hana ntlo eo. Ahlamisa molomo, o je seo ke o neang sona.

9Eitse ha ke tadima, ka bona letsoho le nnanabelang, ka bona le tshwere buka e phuthilweng.

10La e phutholla pela ka, e ngodilwe kahare le kantle, e ngodilwe dipobodi, le kodiyamalla, le difehelo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help