1Naha e laoletsweng leloko la bana ba Juda, ka matlo a bona, ke ho ya moeding wa Edomo, lefeelleng la Tsine, nqa borwa; ke yona pheletso ya naha nqa borwa.
2Moedi wa bona nqa borwa o ne o tloha phellong ya Lewatle la Letswai, koung e lebileng borwa,
3ho ya fihla nqa borwa moepeng wa Akrabbime, ho tla Tsine; ka nqa borwa o nyolosetsa Kadeshe-Barnea, le ho tla Hetsrone, le ho nyolosetsa Addare, le ho pota Karkaa;
4o ntoo feta Atsmone, le ho tswela pele ho isa molapong wa Egepeta, moo naha e fellang lewatleng. E tla ba wona moedi wa lona nqa borwa.
5Nqa botjhabela, moedi e ne e le Lewatle la Letswai, ho isa makenellong a Jordane; nqa leboya, moedi o ne o tloha koung ya Lewatle la Letswai, moo Jordane e kenang teng.
6Moedi oo o nyolosetsa Bethe-Hogla, o feta nqa leboya ho Bethe-Araba, mme moedi oo o nyolosetsa ho isa fikeng la Bohane, mora Rubene.
7Moedi o nyolosetsa le Debire, ho tloha sekgutlong sa Akore; nqa leboya o lebile Gilgale o pela moepa wa Adummime, o nqa borwa ho noka; moedi o fetela pele ho fihla metsing a Ene-Shemeshe, o ye o felle Ene-Rogele.
8Moedi o ntoo nyolosa ka kgohlo ya mora Hinnome, e nqa borwa ho Jebuse, e leng Jerusalema; moedi o ntoo nyolosetsa qhoweng ya thaba e mabapa le kgohlo ya Hinnome, nqa bophirimela, ho felleng ha kgohlo ya Refaime, nqa leboya.
9Moedi o seha ho tloha qhoweng ya thaba ho isa sedibeng sa metsi a Nefthoa, o fihle metseng ya thaba ya Efrone; o ntoo lebiswa Baala, e leng Kiryathe-Jearime.
10Moedi hape o pota ho tloha Baala, nqa bophirimela, ho isa thabeng ya Seire, o fetele pele mothating wa thaba ya Jearime, e leng Kesalone, nqa leboya, mme o theosetse Bethe-Shemeshe, o ntoo feta ka Thimna.
11Moo, moedi o fetela pele mabapa le Ekrone, nqa leboya; moedi o ntoo leba Shikrone, o fetele pele ka thaba ya Baala, o ye ho fihla Jabneele, o ntoo fella lewatleng.
12Haele moedi wa nqa bophirimela, e ne e le Lewatle le Leholo ka lebopo la lona.
Ke oo moedi wa bana ba Juda ka nqa tsohle, ka matlo a bona.
13Kalebe yena, mora Jefunne, a newa kabelo hammoho le bana ba Juda, jwalokaha Jehova a ne a laetse Joshua, a newa motse wa Arba, ntata Anake; ke wona Hebrone.
14Kalebe a leleka teng bara ba bararo ba Anake, Sheshai, le Akimane, le Talmai, bana ba Anake.
15A ntoo tloha teng ho ya lwantsha ba ahileng Debire; bitso la pele la Debire e ne e le Kiryathe-Sefere.
16Kalebe a re: Ya tla kena Kiryathe-Sefere, a o nke, ke tla mo nea Aksa, moradi wa ka, e tle e be mosadi wa hae.
17Ebile Othniele, mora Kenase, ngwanabo Kalebe, o a o kena; mme a mo nea Aksa, moradi wa hae, ya eba mosadi wa hae.
18Mme ha a tlile ho monna wa hae, a mo phehella hore a kope tshimo ho ntatae; ebile Aksa o theoha hodima esele ya hae kapele, mme Kalebe a re ho yena: O batlang?
19A re: Nnee mpho, hobane o nneile naha nqa borwa; nnee le didiba tsa metsi. A mo nea didiba tse kahodimo le tse katlase.
20Ke lena lefa la leloko la bana ba Juda ka matlo a bona:
21Metse e phethellang naha ya leloko la bana ba Juda, moeding wa Edomo, nqa borwa, ke Kabtseele, Edere, Jagure;
22Kina, Dimona, le Adada;
23Kedeshe, Hatsore, Ithnane;
24Sife, Theleme, le Bealothe;
25Hatsore-Hadattha, le Keryothe-Hetsrone, e leng Hatsore;
26Amame, Shema, Molada;
27Hatsare-Gadda, Heshmone, Bethe-Palethe;
28Hatsare-Shuale, Beerseba, Bisyothia;
29Baala, Ijime, le Atseme;
30Eltholade, Kesile, Horma;
31Tsiklage, Madmanna, Sansanna;
32Lebaothe, Shilhime, Aine, le Rimmone: metse eo yohle e mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong, le metsana ya yona.
33Lehwatateng, ke Esthaole, Tsorea, Ashna,
34Sanoa, Ene-Gannime, Tapqua, Ename;
35Jarmuthe, Adullame, Soko, Aseka;
36Shaaraime, Adithaime, Gedera, le Gederothaime: ke metse e leshome le metso e mene, le metsana ya yona.
37Tsenane, Hadasha, Migdale-Gade;
38Dileane, Mitspe, Joktheele,
39Lakishe, Botskathe, le Eglone;
40Kabbone, Lakmase, Kithlishe;
41Gederothe, Bethe-Dagone, Naama, le Makkeda; metse eo e leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya eona;
42Libna, Ethere, Ashane,
43Jiftah, Ashna, Netsibe;
44Keila, Aksibe, le Maresha: ke metse e robileng mono o le mong, le metsana ya yona.
45Ekrone le metse ya teng le metsana ya yona,
46ho tloha Ekrone ho isa lewatleng, naha yohle e pela Ashdode, le metsana ya yona;
47Ashdode, le metse ya teng le metsana ya yona; Gasa le metse ya teng le metsana ya yona, ho isa molapong wa Egepeta le Lewatleng le Leholo, lebopong la lona.
48Dithabeng, ke Shamire, Jatthire, Soko;
49Danna, Kiryathe-Sanna, e leng Debire;
50Anabe, Eshthemo, le Anime;
51Goshene, Holone, le Gilo; ke metse e leshome le motso o mong, le metsana ya yona.
52Arabe, Duma, Esheane,
53Janume, Bethe-Tappua, le Afeka;
54Humta, Kiryath-Arba, e leng Hebrone, le Tsiore: ke metse e robileng mono o le mong le metsana ya yona.
55Maone, Karmele, Sife, Juta;
56Jisreele, Jokdeame, Sanoa,
57Kaine, Gibea, le Thimna: ke metse e leshome le metsana ya yona.
58Halhule, Bethe-Tsure, Gedore;
59Maarathe, le Beth-Anothe, le Elthekone: ke metse e tsheletseng le metsana ya yona.
60Kiryathe-Baale, e leng Kiryathe-Jearime, le Rabba: ke metse e mmedi le metsana ya yona.
61Lefeelleng ke Beth-Araba, Middine, Sekaka,
62Nibshane, Ire-Hammela, le Ene-Gedi: ke metse e tsheletseng le metsana ya yona.
63Haele Bajebuse ba neng ba ahile Jerusalema, bana ba Juda ba sitwa ho ba leleka; Bajebuse ba ahile ke hona le bana ba Juda, Jerusalema, ho fihlela kajeno.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.