JOBO 37 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Pelo ya ka e tshohile ke hona, e sisimoloha tulong tsa yona!

2Utlwang! utlwang ho duma ha lentswe la wona, le modumo o tswang molomong wa wona!

3O le utlwahatsa hohle sebakeng sa lehodimo, o betsa mahadima a wona ho isa pheletsong tsa lefatshe.

4Mme hanghang, lentswe la wona le a duma, o duma ka lentswe la boholo ba wona; ha o ke o thiba mahadima, ha lentswe la wona le utlwahala.

5Modimo o duma ka lentswe le tshabehang, o etsa dintho tse kgolo tseo re sitwang ho di utlwisisa.

6O re ho lehlwa: Kgethehela lefatsheng! O rialo le ho pula le ho dikgohola tse kgolo.

7Eba moo o kokobanyang matsoho a batho bohle, hore batho kaofela, bao o ba bopileng, ba tle ba o tsebe.

8Dibatana le tsona di hahabela matsabeng a tsona, di botha mesimeng ya tsona.

9Sefefo se tswa borwa, mme moya o tswang leboya o tlisa serame.

10Ka pudulo ya Modimo, ho hlaha leqhwa, metsi a matsha a hwama.

11Hape, o belesa maru ka metsi, o mathisa maru a tletseng letolo;

12mme wona a iphetolele kahohle kamoo o a laelang kateng, a tle a sebetse hohle hoo o ho laetseng lebaleng la lefatshe;

13e ka thupa e otlang lefatshe ha le ena le molato, mohlomong o a tsamaise ho hlohonolofatsa ka wona.

14Oho Jobo, sekehela taba tseo ditsebe tsa hao; ema, o nahane mehlolo ya Modimo.

15Na o tseba kamoo Modimo o di hlahisang kateng; kamoo o rerang lesedi la maru a wona kateng hore le hadime na?

16Na o utlwisisa ho ebesela ha maru? Na o utlwisisa bohlale ba wona bo phethehileng?

17Na o utlwisisa kamoo diaparo tsa hao di nkang mofuthumela kateng, ha o etsa lefatshe lebatama ka moya wa borwa na?

18Na o ka tseba ho ala sebaka sa lehodimo hammoho le wona, wa se fa bothata ba seipone sa tshepe e tsholotsweng na?

19O re rute seo re ka se buang ho wona; hobane re sitwa ho bua ka baka la ho se tsebe ha rona!

20Na o tla bolellwa hore ke rata ho o buisa? Na ke mang ya ka lakatsang ho timetswa?

21Efela motho o sitwa ho tadima letsatsi, ha le kganya sebakeng sa lehodimo, ha moya o se o fetile, mme o se o fietse;

22leboya le a le kgantsha jwaloka kgauta. Modimo o okametse tsohle jwalo ka kganya e tshabehang!

23Re ke ke ra finyella ho Ya matla wohle; o phahamile ka matla le ka toka, le ka ho loka ho sa kgelosweng.

24Ka baka leo, batho ba tshwanetse ho hlonepha Modimo; haele wona, ha o tadime le a mong ho ba bohlale.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help