EKSODA 33 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Yaba Jehova o re ho Moshe: Tloha le setjhaba seo o se ntshitseng fatsheng la Egepeta, le ye fatsheng leo ke le hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, ka re: Ke tla le nea ditloholo tsa hao.

2Ke tla roma lengeloi le tla o etella pele, ke leleke Bakanana, le Baamore, le Bahethe, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse;

3ke lefatshe le kollang lebese le dinotshi. Hobane nna, nke ke ka nyoloha le wena, hobane o setjhaba se melala e sataletseng, esere mohlomong ka o timetsa tseleng.

4Setjhaba sa utlwa lentswe leo le tshabehang, sa lla, mme ba se ke ba ikgabisa ka dikgabiso tsa bona.

5Hobane Jehova o ne a itse ho Moshe: E re ho bana ba Iseraele: Le setjhaba se melala e sataletseng; hoja nka tsamaya ho se hokae le wena, ke be nka o timetsa; jwale, rola dikgabiso tsa hao, ke tle ke tsebe hore na ke tla o etsa jwang.

6Ka mokgwa oo, bana ba Iseraele ba rola dikgabiso tsa bona ho tloha thabeng ya Horebe.

7Moshe a nka tente, a itlhomela yona kantle ho diahelo, hole le diahelo; a e bitsa tente ya pokano; mang le mang ya batlang Jehova, o ne a tswela tenteng ya pokano e kantle ho diahelo.

8Enere ha Moshe a tswela tenteng, batho bohle ba ne ba raoha, ba eme e mong le e mong monyako wa tente ya hae; ba ise mahlo ho Moshe ho fihlela ha a kena tenteng.

9Enere hobane Moshe a kene tenteng, topallo ya leru e ne e theoha, e eme monyako wa tente, mme Jehova o ne a bua le Moshe teng.

10Topallo ya leru e ne e bonwa ke setjhaba kaofela ha e ema monyako wa tente, mme setjhaba kaofela se ne se ema, mme ba kgumama e mong le e mong monyako wa tente ya hae.

11Jehova o ne a bua le Moshe ba tadimane difahleho, ka mokgwa oo motho a buang le motswalle wa hae ka wona, o ntoo kgutlela diahelong; haele mohlanka wa hae, Joshua, mora Nune, wa mohlankana, o ne a sa tlohe tenteng.

12Yaba Moshe o re ho Jehova: Bona, o itse ho nna: Tsamaisa setjhaba sena, empa ha o a ka wa ntsebisa eo o tla mo roma ho ya le nna, leha o fela o itse: Ke o tseba ka lebitso la hao, o bile o bone mohau ho nna.

13Jwale hle, ha ekaba ke bone mohau ho wena, o tle o ntsebise le ditsela tsa hao, ke tle ke o tsebe, ke fele ke bone mohau ho wena; mme o bone hoba tjhaba sena ke setjhaba sa hao.

14Jehova a re: Sefahleho sa ka se tla ya, mme ke tla o phomotsa.

15Moshe a re ho yena: Ha sefahleho sa hao se sa ye le rona, o se ke wa re tlosa mona.

16Ho tla tsejwa kang hoba ke bone mohau ho wena, nna le setjhaba sa hao?

17Ha ke re, ke ha o ka tsamaya le rona, hore, nna le setjhaba sa hao re tle re kgethehe ho ditjhaba tsohle tse lefatsheng?

18Jehova a re ho Moshe: Ke tla etsa le seo o se boletseng, hobane o bone mohau ho nna, mme ke o tsebile ka lebitso la hao. Moshe a re: Ako mpontshe sefahleho sa hao.

19Jehova a re: Ke tla fetisa molemo wohle wa ka pontsheng ya hao; ke bolele lebitso la Jehova pela hao; ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, ke rekolohele eo ke mo rekolohelang.

20Hape a re: O ke ke wa bona sefahlelo sa ka, hobane ha ho motho ya ka mponang, mme a phela.

21Jehova a boela a re: Bona, ho na le sebaka se seng pela ka; o tla ema lefikeng.

22Etlare ha kganya ya ka e feta, ke tla o kenya lefarung la lefika, ke o kgurumetse ka letsoho la ka, ho fihlela ke ba ke feta.

23Ke ntoo tlosa letsoho la ka, mme o tla mpona kamorao; empa sefahleho sa ka, sona ha se na ho bonwa.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help