DEUTERONOMA 15 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Selemo sa teselo; mafutsana, makgoba.

1Selemong sa bosupa se seng le se seng o tla etsa teselo.

2Mokgwa wa ho etsa teselo ke wona: E mong le e mong ya nametsweng, a leselle wa habo seo a mo nametseng ka sona; a se ke a kgathatsa wa habo, kapa ngwanabo, hobane ho boletswe teselo ya Jehova.

3O ka kgathatsa moditjhaba, empa haele ngwaneno, o tele ditokelo tsa hao hodima se sa hao se ho yena.

4Ho ke ke ha eba bafumanehi ha eno, (hobane Jehova o tla o hlohonolofatsa haholo lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona hore e be lefa le ruwang ke wena)

5ha o ka mpa wa utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, mme wa itiisa ho boloka ditaelo tsohle tseo ke o laelang tsona kajeno.

6Hobane Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa jwalokaha a o boleletse; ditjhaba tse ngata di tla nama ho wena; empa wena ha o ka ke wa di namela; o tla busa ditjhaba tse ngata, empa ha di ka ke tsa o busa.

7Empa ha mofumanehi a ka ba teng ha eno, e leng e mong wa banabeno, a leng motseng ofe le ofe wa heno, naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o neang yona, o se ke wa thatafatsa pelo ya hao, mme o se fupare diatla tsa hao pela ngwaneno ya fumanehileng.

8O mpe o mo fuparollele diatla tsa hao, o mo adime seo a se hlokang sebakeng sa bofumanehi ba hae.

9Iponele, kgopolo ya bolotsana e se ke ya eba teng pelong ya hao ya ho re: Selemo sa bosupa, selemo sa teselo, se atametse; mme mahlo a hao a se ke a hauhela ngwaneno ya fumanehileng, o sa mo fe letho, mme yena a ka bitsa ho Jehova ka baka la bothata ba hao, mme sebe se eba teng ho wena.

10O mo fe hle, mme pelo ya hao e se belaele ha o mo fa; hobane ka baka la taba eo, Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa mesebetsing ya hao yohle, le ditabeng tsohle tseo o tla bea matsoho a hao ho tsona.

11Hobane mohloki a ke ke a hlokahala lefatsheng le ka mohla o le mong; ke ka baka leo ke o laelang, ke re: o fuparollele ngwaneno eo e leng mohloki le mofumanehi naheng ya hao diatla tsa hao.

12Etlare ha e mong wa banabeno, e leng Moheberu wa monna, kapa wa mosadi, a ithekisa ho wena, o tla o sebeletsa ka dilemo tse tsheletseng; empa ka selemo sa bosupa o tla mo kgutlisa ho wena a lokolohile.

13Ha o mo kgutlisa ho wena a lokolohile, o se ke wa mo lesa a ya a le feela.

14O mpe o mo baballe ka mpho e nngwe ya dinku tsa hao, le ya tsa seotlo sa hao, le ya tsa sehatelo sa hao sa veine; o mo fe tsa tseo Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofaditseng ka tsona.

15O tla hopola hobane o bile mofo naheng ya Egepeta le hobane o lopolotswe teng ke Jehova, Modimo wa hao; ke ka baka leo ke o laelang hoo kajeno.

16Empa ekare ha a o bolella, a re: Ha ke rate ho tloha ho wena; kahobane o a o rata, wena le ntlo ya hao, le hobane o iketlile ha hao;

17o tle o nke lemao, mme ka lona o mo phunyetse tsebe lemating la monyako, mme e tla ba mohlanka wa hao kamehla; le bakeng sa mohlanka wa hao e motshehadi o etse jwalo.

18E se ke ya eba taba e bohloko ho wena ho mo lokolla feela hore a tle a tlohe ho wena; hobane o o sebeleditse ka dilemo tse tsheletseng, e le ya loketsweng ke moputso wa mohlanka habedi; mme Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa ho tsohle tse o di etsang.

Matsibolo a diphoofolo.

19Matsibolo a matona wohle a tswallwang dikgomong le dinkung tsa hao, o a kgethele Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa sebetsa ka matsibolo a dikgomo tsa hao, mme o se ke wa kuta matsibolo a dinku tsa hao.

20Ka selemo se seng le se seng, a jewe ke wena le ke ba ntlo ya hao, pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo Jehova a tla ikgethela yona.

21Empa ekare ha phoofolo eo e na le sekodi, kapa e le sehlotsa, kapa sefofu, mohlomong e na le bohole bo bong, o se ke wa e hlabela Jehova, Modimo wa hao.

22E jewe ke wena menyakong ya hao; ya sa hlwekang le ya hlwekileng ba je jwalokaha ho jewa tshephe le kgama.

23Feela o se ke wa ja madi; o a tshollele fatshe jwaloka metsi.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help