DIPROVERBIA 11 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Sekala sa bohata se hloilwe ke Jehova, empa tekanyo ya nnete e a mo kgahlisa.

2Ha ho hlaha boikgohomoso, eba dihlong di a hlaha le tsona; empa bohlale bo ho ba ikokobetsang.

3Bokgabane ba ba lokileng bo tla ba tsamaisa; empa bokgopo ba ba babe bo tla ba timetsa.

4Maruo ha a thuse letho mohla letsatsi la bohale, empa ho loka ho lwela lefung.

5Ho loka ha motho ya lokileng ho tla mo hlekela tsela, empa e mobe o tla dihelwa ke bobe ba hae.

6Ho loka ha batho ba kgabane ho tla ba pholosa, empa e mobe bokgopo ba hae bo tla mo tshwasa.

7Mohla ho shwang e mobe, tshepo ya hae e a timela, le yona tebello ya ya sa lokang e a fela.

8Ya lokileng o lwelwa tsietsing, empa bakeng sa hae ho wela ya sa lokang.

9Ka molomo wa hae monyefodi o bolaya ba habo, empa ba lokileng ba bolokwa ke tsebo.

10Ha ba lokileng ba atleha, motse o a thaba; empa mohla ho timelang ba babe, ke ditlatse feela.

11Hlohonolofatso ya ba lokileng e haha motse; empa o qhalwa ke melomo ya ba babe.

12Ya nyedisang wa habo ha a na kelello; empa ya nang le kutlwisiso o a kgutsa.

13Ya tjhakelang ho qoqa o phunya makunutu; empa ya pelo e tshepehang o boloka taba.

14Setjhaba se dihuwa ke ho hloka dikeletso; poloko e teng ha baeletsi ba le bangata.

15Ya itlamellang ka molato wa e mong o tla tsieleha; empa ya hloileng ba phathatsanang letsoho, yena o iketlile.

16Mosadi ya molemo o ithuela hlompho; batho ba matla ba ipatlela menono.

17Motho ya molemo o etsetsa moya wa hae molemo; empa ya lonya o itshenya mmele.

18E mobe o sebetsa mosebetsi o tla mo thetsa; empa ya jalang ho loka o na le moputso o tiileng.

19Ho loka ha sebele ho isa bophelong; haele ya latelang bobe, yena o mathela lefung.

20Ba pelo di kgopo ke manyala ho Jehova; empa ba metsamao e bokgabane, o kgahlwa ke bona.

21Ruri e mobe a ke ke a lesa ho otlwa; empa leloko la motho ya lokileng le tla namolelwa.

22Mosadi ya sefahleho se setle, empa a hloka kelello, ke lesale la kgauta nkong tsa kolobe.

23Seo motho ya lokileng a se dumang ke botle ruri; empa seo ba babe ba ka se tshepang ke kgalefo feela.

24E mong o a fana athe o ntse a atelwa ke dintho; e mong o a konana, mme o fetoha mofumanehi.

25Ya tsebang ho fana o tla nona; ya nosetsang o tla nosetswa le yena.

26Ya hanang le mabele a hae, o tla rohakwa ke batho; empa ya dumelang ho rekisa ka wona, o na le hlohonolofatso hloohong ya hae.

27Ya qophellang botle o tla fumana mohau, empa ya batlang bobe, bobe bo tla mo tshwara.

28Ya itshepisang maruo a hae o tla wa, empa ya lokileng o tla hola jwaloka lekala le mahlaku.

29Ya ferekanyang ntlo ya hae, lefa la hae e tla ba moya feela; lewatla e tla ba mofo wa motho ya pelo e hlalefileng.

30Tholwana tsa motho ya lokileng ke sefate sa bophelo; ya bohlale o hapa meya ya batho.

31Bonang! ha esita motho ya lokileng a fuwa moputso wa hae lefatsheng lena, ho tla ba jwang ho e mobe le ho moetsadibe!

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help