II MARENA 14 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Amatsia, morena wa Juda. — Jeroboame II, morena wa Iseraele.

1Ka selemo sa bobedi sa Joase, mora Joakase, morena wa Iseraele, Amatsia, mora Joase, a qala ho busa Juda.

2O ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa; a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Joaddane wa Jerusalema.

3A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, empa e seng jwaloka Davida ntatae; a etsa ka tsohle tse neng di entswe ke ntatae Joase.

4Feela, nqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa; setjhaba sa nna sa hlaba, sa tjhesa dibano nqalong tse diphahameng.

5Eitse mmuso ha o tiile letsohong la hae, a bolaya bahlanka ba hae ba bolaileng morena ntatae.

6Empa bana ba babolai ha a ka a ba bolaya, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya molao wa Moshe, moo Jehova a laetseng, a re: Bontata bana ba se ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, le bana ba se ke ba bolawa ka baka la bontata bona; e mong le e mong a bolaelwe sebe seo e leng sa hae.

7A bolaya Baedomo ba dikete tse leshome, Thoteng ya Letswai; a nka Sela ka ntwa, a o rea lebitso la Joktheele (o hapilweng ke Jehova); le kajeno ke lona.

8Kamora tseo, Amatsia a romela manqosa ho Joase, mora Joakase, mora Jehu, morena wa Iseraele, a re: Tloo, re ke re tadimane difahleho.

9Empa Joase, morena wa Iseraele, a romela ho Amatsia, morena wa Juda, a re: Tshehlo ya Lebanone e kile ya romela ho kedare ya Lebanone, ya re: Neela mora ka moradi wa hao, e be mosadi wa hae. Empa ha feta dibatana tsa naha, tsa Lebanone, tsa hatakela tshehlo.

10Ho hlola, o fela o hlotse Baedomo, mme pelo ya hao e ikakasitse; o ithorise kahoo, o mpe o dule ha hao; na o ikenyetsang bomadimabeng, hore ho we wena le Juda hammoho?

11Amatsia a mpa a se ke a mamela. Ebile Joase, morena wa Iseraele, o tswela ho yena, mme ba bonana difahleho le Amatsia, morena wa Juda, Bethe-Shemeshe wa Juda.

12Bajuda ba hlolwa ke Baiseraele, e mong le e mong a ba a balehela tenteng ya hae.

13Amatsia, morena wa Juda, mora Joase, mora Akasia, a tshwarwa ke Joase, morena wa Iseraele, Bethe-Shemeshe. Joase a ba a tla Jerusalema, a etsa sekgeo lerakong la Jerusalema, ho tloha monyakong wa Efraime, ho isa monyakong wa Kou, motopo wa sona e le ditswe tse makgolo a mane.

14A nka le kgauta yohle le silefera le dipitsa tsohle tse fumanweng tlung ya Jehova, le tse bobolokelong ba ntlo ya morena, le batho ba entsweng ditebeletso, a ntoo boela Samaria.

15Haele taba tse ding tsa Joase, tseo a di entseng, le matla a hae, le kamoo a lwantshitseng Amatsia, morena wa Juda kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

16Ebile Joase o orohela ho bontatae, a patwa Samaria ho marena a Iseraele, mme Jeroboame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

17Eitse hobane Joase, mora Joakase, morena wa Iseraele, a timele, Amatsia yena, mora Joase, morena wa Juda, a sala a phela dilemo tse leshome le metso e mehlano.

18Haele taba tse ding tsa Amatsia, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

19Ebile ba bang ba mo fetohela Jerusalema, a mpa a balehela Lakishe; yaba ba mo phallela ho fihla Lakishe, ba mmolaela teng.

20A ntoo bofsjwa dipereng, a iswa Jerusalema, a patwa ho bontatae, motseng wa Davida.

21Mme setjhaba sohle sa Juda sa nka Asaria, a le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, sa mmea morena tulong tsa ntatae Amatsia.

22Yena a haha Elathe, a o busetsa ho Juda, morena a se a orohetse ho bontatae.

23Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa Amatsia, mora Joase, morena wa Juda, Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele, a qala ho busa Samaria, a busa ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong.

24A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla dibe tsohle tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.

25A boela a lata moedi wa Iseraele, ho qala pela Hamathe ho isa lewatleng la Lehwatata, jwalokaha Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a boletse ka mohlanka wa hae moporofeta Jonase, mora Amitthai, wa Gathe-Hefere.

26Hobane Jehova o ne a bone matshwenyeho a Iseraele hobane a bohloko haholo, le kamoo ba ruilweng le ba sa ruwang ba neng ba le tsietsing kateng, ho se mothusi Iseraeleng.

27Athe Jehova o ne a sa ka a re, o tla hlakola lebitso la Iseraele tlasa mahodimo; a mpa a ba pholosa ka Jeroboame, mora Joase.

28Haele taba tse ding tsa Jeroboame, le tsohle tseo a di entseng, le matla a hae kamoo a lwanneng kateng, le kamoo a boetseng a hapela Iseraele Damaseka le Hamathe wa Juda kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

29Yaba Jeroboame o orohela ho bontatae, ho marena a Iseraele, mme Sakaria mora hae ya eba morena tulong tsa hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help