ESTHERE 10 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Boholo ba Mordekai.

1Morena Assueruse a ntshisa lefatshe la hae le dihlekehleke tsa lewatle lekgetho.

2Haele mesebetsi yohle ya matla a hae, le diketso tsa hae tse phahameng, leha e le qaqiso ya boholo ba Mordekai, kamoo morena a kileng a mo phahamisa kateng, ha ke re, taba tseo di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa marena a Media le Persia?

3Hobane Mojuda Mordekai e ne e le wa bobedi, ya hlahlamang morena Assueruse; a ba moholo hara Bajuda le ya kgahlehang ho bongata ba banababo; a nna a batlela setjhaba sa habo molemo, a nna a buella bohle ba mofuta wa habo kgotso.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help