SAKARIA 5 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Ka boela ka emisa mahlo a ka, ka tadima, mme hang ha hlaha lengolo le phutholotsweng, le fofang.

2Lengeloi la re ho nna: O bonang? Ka re: Ke bona lengolo le phutholotsweng, le fofang, leo bolelele ba lona e leng ditswe tse mashome a mabedi, le bophara ba lona e le ditswe tse leshome.

3Yaba le re ho nna: Lona ke thohako e tswelang hodima lefatshe, hobane e mong le e mong ya utswang o tla timetswa ka taba tsa lona tse ngotsweng ka nqa e nngwe ho lona, mme e mong le e mong ya hlapanyang o tla timetswa ka taba tsa lona tse ka nqa e nngwe.

4Ke e ntshitse, ho bolela Jehova wa makgotla, mme e tla kena tlung ya leshodu, le tlung ya ya hlapanyang ka lebitso la ka ka bohata; e tla dula kahara ntlo ya hae, e tle e e fedise, le difate tsa yona, le majwe a yona.

5Lengeloi le neng le bua le nna, la boela la hlaha, la re ho nna: Emisa he mahlo a hao, mme o bone se hlahang mane hore na keng.

6Ka re: Keng? Yaba le re: Ke efa e hlahang. La boela la re: Ke sona setshwantsho sa ba bolotsana ba lefatsheng lohle.

7Mme bonang, ha emiswa lekapa la loto le e kwalang, mme ha hlaha mosadi ya dutseng kahara efa.

8Yaba le re: Enwa ke Bolotsana! A mo akgela kahara efa, a ba a akgela lekapa le boima la loto hodima molomo wa yona.

9Jwale, ka emisa mahlo a ka, ka tadima; mme bonang, ha hlaha basadi ba babedi, mapheo a bona a tletse moya, ba ne ba na le mapheo a jwaloka mapheo a mokotatsie; mme ba emisetsa efa mahareng a lefatshe le lehodimo.

10Yaba ke re ho lengeloi le buang le nna: Bao ba isa efa kae?

11La re ho nna: Ba e isa lefatsheng la Shinare, ho e hahela ntlo teng, e tla bewa teng, e tle e tiiswe hodima bodulo ba yona.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help