JOSHUA 20 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Metse e tsheletseng ya setshabelo.

1Ebile Jehova o bolella Joshua, a re:

2Bolella bana ba Iseraele, o re: Ikgetheleng metse ya ho tshabela teng, eo ke le laetseng yona ka Moshe;

3hore mmolai ya bolaileng motho a sa etse ka boomo, a sa hopole, a tle a tshabele teng; mme e tla ba setshabelo sa lona, ha le tshaba mophetetsi wa madi.

4Mmolai o tla tshabela motseng o mong wa yona, a eme pela monyako wa motse yona eo, a behele baholo ba motse oo taba ya hae; ba tla mo amohela ho bona motseng, ba mo nee le moo a ka dulang le bona.

5Mophetetsi wa madi ha a mo phallela, ba se ke ba mo nea mmolai; hobane o bolaile wa habo a sa hopole, a sa ka a mo hloya pele.

6O tla dula motseng oo, a tle a be a eme kahlolong pela phutheho, moprista e moholo wa mehleng eo a be a shwe; ke hona mmolai a tla kgutla, a ye motseng wa hae, le tlung ya hae, motseng oo a neng a balehe ho wona.

7Yaba ba khetha Kedeshe wa Galelea, thabeng ya Nefthali, le Sikeme, thabeng ya Efraime, le Kiryath-Arba, e leng Hebrone, thabeng ya Juda.

8Mose wane wa Jordane, nqa botjhabela ho Jeriko, ba bea Betsere, lefeelleng la lehwatata, lelokong la Rubene; le Ramothe-Gileade, lelokong la Gade; le Golane, naheng ya Bashane, la Manasse.

9Ke yona metse e beetsweng bana ba Iseraele bohle le baditjhaba ba jakileng hara bona, e le hore e mong le e mong ya bolaileng motho, a sa etse ka boomo, a tshabele teng, a se ke a bolawa ke mophetetsi wa madi, a eso ho hlahe pela phutheho.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help