JOSHUA 1 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Lefatshe la Kanana le a hapuwa, 1 — 12.Joshua o bewa motsamaisi wa setjhaba.

1Eitse hobane Moshe, mohlanka wa Jehova, a timele, Jehova a bolella Joshua, mora Nune, qobo ya Moshe, a re:

2Moshe, mohlanka wa ka, o timetse; tsoha jwale, o tshele Jordane ena, wena le setjhaba sena kaofela, mme o kene lefatsheng leo ke le neileng bana ba Iseraele.

3Ke le neile sebaka sefe le sefe moo le tla hata ka bohato ba maoto a lona, jwalokaha ke boleletse Moshe;

4ho tloha lefeelleng le Lebanone ho isa nokeng e kgolo, noka ya Eufrate, fatshe lohle la Bahethe, le ho ya fihla Lewatleng le Leholo, ka nqa bophirimatsatsi; ke yona naha ya lona.

5Ha ho motho ya tla tiya pela hao, ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hao; ke tla ba le wena, jwalokaha ke bile le Moshe; nke ke ka o tlohela, leha e le ho o lahla.

6Iphe matla, o etse ka senna, hobane ke wena o tla ruisa setjhaba sena fatshe leo ke hlapanyeditseng bontata bona, ka re, ke tla ba nea lona.

7Feela o iphe matla, o etse ka senna haholo, o hlokomele ho etsa ka molao wohle oo Moshe, mohlanka wa ka, a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha ho ya ka ho le letona, leha e le ho le letshehadi, o tle o atlehe kahohle moo o yang teng.

8Buka ena ya molao e se ke ya tloha molomong wa hao; o o nahane motshehare le bosiu, o tle o hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngodilweng teng; ke moo o tla atleha metsamaong ya hao, o iketle.

9Hleka ha ke a ka ka o laela, ka re, o iphe matla, o etse ka senna na? Se tshohe, mme o se ke wa tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, o na le wena kahohle moo o yang teng.

10Ebile Joshua o laela balaodi ba setjhaba, a re:

11Fetang hara diahelo, le laele setjhaba, le re: Itokisetseng mefaho, hobane matsatsi a sa tla ba mararo, le ntoo tshela Jordane ena, ho ya rua lefatshe leo Jehova, Modimo wa lona, a le neileng lona ho le rua.

12Hape, Joshua a bolella Barubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, a re:

13Elellwang taba eo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le laetseng yona, mohla a reng: Jehova, Modimo wa lona, o le kgatholotse, o le neile fatshe lena.

14Ho sale basadi ba lona, le bana ba lona ba banyenyane, le makgomo a lona mose o kwano wa Jordane, fatsheng leo Moshe a le neileng lona; haele lona bahale bohle, le etelle banababo lona pele le hlometse, le ba tlatse;

15Jehova a be a khatholle banababo lona jwaloka lona, le bona ba tle ba rue fatshe leo Jehova, Modimo wa lona a ba neileng lona; le ntoo boela fatsheng le ruilweng ke lona, le le rue, e le leo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le neileng lona mose o kwano wa Jordane, ka nqa botjhabatsatsi.

16Ba araba Joshua, ba re: Re tla etsa ka tsohle tseo o re laetseng tsona, re ye le hohle moo o ka re romelang teng.

17Re tla o utlwa jwalokaha re kile ra utlwa Moshe tabeng tsohle. Feela, Jehova, Modimo wa hao, a be le wena, jwalokaha a bile le Moshe.

18Motho leha e ka ba mang le mang, ya eisang molomo wa hao, ya sa mamelang mantswe a hao kahohle kamoo o ka re laelang kateng, o tla bolawa. Feela o iphe matla, o etse ka senna.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help