DIPESALEME 100 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Lefatshe lohle le memuwa hore le sebeletse Modimo wa nnete.Pesaleme ya diteboho.

1Phahamisetsang ho Jehova mehoo ya lona ya thabo, lona kaofela ba lefatsheng!

2Sebeletsang Jehova ka nyakallo, le itlhahise pela sefahleho sa hae ka dipina!

3Le tsebe hobane Jehova ke Modimo! Ke yena ya re entseng, mme re ba hae, re setjhaba sa hae, re mohlape o aloswang ke yena.

4Kenang dikgorong tsa hae ka diteboho, le mabaleng a hae ka dithoko! Mo leboheng, le rorise lebitso la hae!

5Hobane Jehova o molemo, mohau wa hae o hlola ka ho sa yeng kae, le botshepehi ba hae melokong le melokong.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help